Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/02 leq. 12
  • Eketsa Thabo ea Hao Boboleling

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Eketsa Thabo ea Hao Boboleling
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Sebeletsang Jehova ka Thabo”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Batho ba Thabileng—Ka Lebaka Lefe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Molimo o re Thusa Hore re Thabe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Ho Fumana Thabo Lefatšeng le Tletseng Likhathatso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
km 3/02 leq. 12

Eketsa Thabo ea Hao Boboleling

1 Na u thabela tšebeletso ea hao ea ho bolela litaba tse molemo? Haeba re se hlokolosi, lefatše le khopo le re potolohileng le ka etsa hore re be lihlong ho bolela, la etsa hore re felloe ke thabo. Ho sebetsa tšimong eo ho eona batho ba sa arabeleng le hona ho ka re nyahamisa. Re ka nka mehato efe e sebetsang ho eketsa thabo ea rōna boboleling?

2 E-ba le Boikutlo bo Nepahetseng: Ho lula re e-na le boikutlo bo nepahetseng ho thusa e le kannete. Tsela e ’ngoe ea ho ba le bona ke ho nahanisisa ka tokelo ea rōna e ikhethang ea ho ba “basebetsi-’moho le Molimo.” (1 Bakor. 3:9) Jesu le eena o na le rōna ha re phetha mosebetsi ona. (Mat. 28:20) ’Me o re tšehetsa ka lebotho la mangeloi. (Mat. 13:41, 49) Joale re ka kholiseha hore mosebetsi oa rōna o laoloa ke Molimo. (Tšen. 14:6, 7) Ka hona, ho sa tsotellehe hore na batho ba bang ba ka arabela joang mosebetsing oa rōna, karabelo e etsoang leholimong e etsoa ka thabo e khōlō!

3 Lokisetsa Hantle: Ho lokisetsa hantle le hona ho tlatsetsa thabong ea rōna. Ha ho hlokahale mosebetsi o mongata hore u itokisetse tšebeletso. Ho nka metsotso e seng mekae feela ho hlahloba ntlha eo u tla e buella limakasineng tsa morao-rao kapa sengoliloenng se tsamaisoang khoeling eo. Khetha nehelano sehloohong se reng “Tsela ea ho Buella Limakasine,” se hlahang Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Hlahloba kenyelletso ea January 2002, eo sehlooho sa eona se reng, “Linehelano Tse ka Sebelisoang Tšebeletsong ea Tšimo,” kapa u shebe buka ea Ho Bea Mabaka ho fumana kenyelletso e atlehang. Haeba u sitisoa ke khang eo beng ba matlo ba atisang ho e phahamisa, lokisetsa karabo e tla lumellana le seo ba se buang ebe u lebisa tlhokomelo tabeng e thahasellisang thahasello. Buka ea Ho Bea Mabaka e thusa haholo ntlheng ena. Ho sebelisa lithuso tsena ho tla etsa hore re be le kholiseho eo re e hlokang hore re bolele ka thabo.

4 Rapela ka Tieo: Thapelo ke ea bohlokoa bakeng sa thabo e tšoarellang. Kaha re etsa mosebetsi oa Jehova, ho hlokahala hore re kōpe moea oa hae ka tieo, oo e ’ngoe ea litholoana tsa oona e leng thabo. (Bagal. 5:22) Jehova o tla re fa matla a ho tsoela pele re bolela. (Bafil. 4:13) Ho rapella tšebeletso ea rōna ho ka re thusa ho talima lintho ka tsela e nepahetseng ha re le maemong a sa thabiseng. (Lik. 13:52; 1 Pet. 4:13, 14) Haeba re ikutloa re tšohile, thapelo e ka re thusa hore re tsoele pele ka sebete le ka thabo.—Lik. 4:31.

5 Bula Menyetla: Ho hlakile hore tšebeletso ea rōna e thabisa haholoanyane ha re khona ho fumana batho le ho ba pakela. Ho fetola kemiso ea hao e le hore u ka ea ka ntlo le ntlo ka nako e fapaneng, mohlomong hamoraonyana motšehare oa mantsiboea kapa ka shoalane, ho ka fella ka katleho e khōloanyane. U kopana le batho ka linako tsohle ha u theosa seterata, u e-ea mabenkeleng, u palama bese, kapa u otlolla maoto serapeng sa boikhathollo. Ke hobane’ng ha u sa lokisetse kenyelletso e khutšoanyane ebe u nka bohato ka ho atamela ba bonahalang ba le botsoalle? Kapa e ka ’na eaba ua sebetsa kapa u kena sekolo, ’me u qoqa le ba bang kamehla hona moo. U ka ’na ua ba le monyetla oa ho fana ka bopaki ka hore feela u qale moqoqo ka taba ea Mangolo e tsosang thahasello. Ho na le litlhahiso tse molemo leqepheng le qalang la kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 2002. Ha motho a sebelisa leha e le efe ea lintlha tsena, thabo ea hae boboleling e ka eketseha haholo.

6 Kaha thabo e re thusa ho mamella, ho bohlokoa hakaakang hore re lule re e-na le eona! Ka ho etsa joalo, re tla kotula moputso o moholo ha ho phethoa mosebetsi ona o ke keng oa hlola o etsoa hape. Tebello eo ka boeona e ka eketsa thabo ea rōna boboleling.—Mat. 25:21.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela