Na U “Batla” ho Thusa ba Bang?
1 Jesu o ne a tsotella batho e le kannete. Ha molepera a ne a kōpa Jesu ka tieo hore a mo thuse, o ile a otlolla letsoho la hae, a ama monna eo, ’me a re: “Kea batla. Hloeka.” (Mar. 1:40-42) Re ka etsisa Jesu joang tabeng ea ho thusa ba bang?
2 Batho ba Thahasellang: Setho ka seng sa phutheho se etsa ho itseng ho thusa ba thahasellang hore e be barapeli ba Jehova. Ha ba thahasellang ba e-tla libokeng, ba lumelise u be u ba tsebe. Batla litsela tsa ho ba khothatsa. Ba babatse ha ba fana ka litlhaloso. Ba babatse ha ba leka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele bophelong ba bona. Ba thuse ho bona menyetla eo ba nang le eona ea ho etsa metsoalle ea ’nete ka har’a phutheho.
3 Balumeli-’moho le Rōna: “Ba amanang le rōna tumelong” ke bona bao ka ho khetheha re lokelang ho ba thusa ka litsela tse sa tšoaneng. (Bagal. 6:10) Ba bangata baa kula. Ha u ba etela ka morero oa ho ba khothatsa, u ka ba ruisa molemo ka botsoalle boo ba bo hlokang, mohlomong u ka ba ua ba thusa ka tsela e molemo. E ka ’na eaba ba bang ba talimane le mathata a mang bophelong ba bona. Bontša hore u amehile ka ho ipha nako ea ho ba mamela le ho ba haha. (1 Bathes. 5:14) Ho boetse ho hlokahala hore re sebelisane le baholo ha ba ntse ba phetha boikarabelo ba bona. (Baheb. 13:17) Ka ho bontša hore re rata ho thusa ’me rea ho thabela, re ka ‘fetoha thuso e matlafatsang’ ho balumeli-’moho le rōna.—Bakol. 4:11.
4 Litho Tsa Lelapa: Re boetse re leka ka matla hore re amehe ka litho tsa malapa a rōna ka tsela e kang eo Jesu a neng a ameha ka eona ka batho. Ho ameha ka ho teba ho susumetsa batsoali ho ‘tsoela pele ho hōlisa bana ba bona ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.’ (Baef. 6:4) Bana ba ka phetha karolo ea bona ka hore ntle ho tieho ba be ba lokile ha e le nako ea thuto ea lelapa, ea ho ea libokeng tsa phutheho, kapa tšebeletsong ea tšimo. Bana ba seng ba hōlile ba ka bontša kutloelo-bohloko e tšoanang le ea Jesu ka hore ka mosa ba thuse batsoali ba bona ho hlōla mathata a bakoang ke botsofali. Ka tsela ena le tse ling, kaofela ha rōna re ka “sebelisa boinehelo ba bomolimo ho ba ntlo ea [rōna].”—1 Tim. 5:4.
5 Ha re ntse re etsisa Jesu ka ho thusa ba bang, re ka ’na ra khona ho fokotsa mathata le ho momahanya malapa a rōna le phutheho. Se molemohali ke hore re tlisa tlotla ho Jehova, “Ntate oa mehauhelo e bonolo.”—2 Bakor. 1:3.