Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho
1 Re lokela ho tšepa Jehova e le hore re eme re tiile lefatšeng lena le sa tsitsang. Liketso tsa rōna li ka bontša joang hore rea mo tšepa? Ho tšepa Jehova ho ama bophelo ba rōna le ba malapa a rōna joang? Ho re thusa joang hore re hanele tšusumetso ea lefatše la Satane? Lenaneo la kopano ea potoloho la selemo sa tšebeletso sa 2003 le arabela lipotso tsena. Sehlooho sa lona se re “Tšepa Jehova ’me U Etse se Molemo.”—Pes. 37:3.
2 Ha re bontše hore re tšepa Jehova feela tlas’a maemo a khethehileng kapa linakong tseo re nang le bothata. Re mo tšepa ka linako tsohle bophelong ba rōna. Sena se hatisoa ke puo e qalang e reng, “Tšepang Jehova ka Linako Tsohle.” (Pes. 62:8) Neheletsano ea lipuo tse ’nè e reng “Ho Bontša Hore re Tšepa Jehova” e tla re bontša hore na re ka fumana le ho sebelisa boitsebiso bo thehiloeng Bibeleng joang, bo ka re thusang ho haha lenyalo le atlehileng, ho sebetsana le mathata a hlahang ka lapeng le ho fumana lintho tsa nama tseo re li hlokang.
3 Lefatše la Satane le leka ho re qobella ho ba le pono e sothehileng ka se nepahetseng le se fosahetseng ’me le baka pherekano mabapi le ntho ea bohlokoa le eo e seng ea bohlokoa. (Esa. 5:20) Puo e reng “Itebeleng Khahlanong le Lintho Tsa Lefeela Bophelong” le e reng “Qobang se Sebe—Le Etse se Molemo” li tla etsa hore re ikemisetse ka matla ho khomarela litekanyetso tsa Jehova tse phahameng.—Amose 5:14.
4 Ha Jehova a felisa tsamaiso ea lintho ea hona joale e khopo, ho tla hlokahala hore bahlanka ba Molimo ba mo tšepe ka ho feletseng. Sena se totobatsoa puong ea phatlalatsa, e reng “Ho Lopolloa Mahlomoleng a Lefatše ho Haufi.” Ka mor’a moo, re tla memeloa ho itlhahloba puong e reng “Na U Tla Nkoa U Tšoaneloa ke ’Muso oa Molimo?” Lenaneo lena le phethoa ka khothatso e reng “Tšepa Litšepiso Tsa Jehova.”
5 Ntlha e khōlō kopanong e ’ngoe le e ’ngoe ke puo ea kolobetso. Mang kapa mang ea batlang ho kolobetsoa o lokela ho bolella molebeli ea okamelang kapele kamoo a ka khonang e le hore ho ka etsoa litokisetso tse hlokahalang.
6 Linakong tsena tse sa tsitsang, Jehova ke eena feela mohloli oa sebele oa tšepo le botsitso. (Pes. 118:8, 9) E se eka kaofela ha rōna re ka matlafatsa tšepo ea rōna ho eena ka ho ba teng lenaneong lohle la kopano ea potoloho.