Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/02 leq. 4
  • E-bang ba Kopantsoeng Hammoho ka Tumellano

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E-bang ba Kopantsoeng Hammoho ka Tumellano
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bonngoe ba Bokreste bo Tlotlisa Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Bonngoe ba ’Nete ba Bokreste—Bo ka Finyelloa Joang?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Jehova o Bokella Lelapa la Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Ho Feta Bofelo ba Lefatše Lena la Khale re Momahane
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
km 7/02 leq. 4

E-bang ba Kopantsoeng Hammoho ka Tumellano

1 Ke hangata hakae u ’nileng ua tsota mosebetsi o tsoileng matsoho oa pōpo ea ’mele oa motho? (Pes. 139:14) Litho tsohle tsa ’mele li sebetsa hammoho ka tumellano. Lentsoe la Molimo le tšoantša phutheho ea Bokreste le ’mele o lumellanang hantle. Tlas’a Hlooho, e leng Kreste, litho tsohle tsa phutheho li ‘kopantsoe hammoho ka tumellano ’me ho entsoe hore li sebelisane ka lenonyello le leng le le leng le fanang ka se hlokahalang.’ (Baef. 4:16a) Kahoo, Jehova o khona ho sebelisa batho ba hae ba kopaneng ho finyella lintho tse babatsehang.

2 Litho tsa phutheho ea lekholong la pele la lilemo li ne li sebetsa “ka tumellano” ha li hlokomelana moeeng le nameng. (Lik. 2:44-47) Ka tšehetso ea Jehova, li ile tsa talimana le khanyetso e mabifi le ho e hlōla li momahane. (Lik. 4:24-31) Li ile tsa bolela molaetsa oa ’Muso hohle moo li neng li leba teng, tsa bolela litaba tse molemo ho pholletsa le karolo ea lefatše e neng e tsejoa ka nako eo. (Bakol. 1:23) Mehleng ea kajeno, ka tekanyo e khōloanyane phutheho ea Bokreste e finyeletse lintho tsona tsena e momahane. Ke lintho life tse tlatsetsang bonngoeng boo?

3 Ho Kopanngoa Hammoho ke Thuto ea Bomolimo: Re kopantsoe ke borapeli ba rōna lefatšeng lohle. See se khoneha joang? Re amohela mocha o bonahalang oo ka oona Jehova a fanang ka “lijo tsa [moea] ka nako e tšoanetseng.” (Mat. 24:45) Re boetse re ananela “limpho tseo e leng banna” tseo a faneng ka tsona e le mesuoe ka phuthehong. Ha re ntse re amohela ka boikokobetso litokisetso tsa Jehova tsa ho re fepa moeeng, kutloisiso ea rōna ea Lentsoe la Molimo ea hōla ebile e tsosa ka ho rōna takatso ea ho etsisa Jesu re le barutuoa ba hae. Re lokela ho tsoela pele ho ithuta Lentsoe la Molimo, re leke ka tieo ho “fihlela bonngoeng tumelong.” (Baef. 4:8, 11-13) Na u tlatsetsa bonngoeng ba rōna ba moea ka ho bala Bibele letsatsi le letsatsi?

4 Ho Kopanngoa ke Botsoalle ba Bokreste: Lerato le re kopanya hammoho botsoalleng bo atamelaneng libokeng tsa Bokreste. Rea ‘nahanelana’ libokeng tsena. (Baheb. 10:24, 25) Sena ha se akarelletse ho bona barab’abo rōna feela empa se akarelletsa ho ba tseba, ho ba talima ka tsela eo Jehova a ba talimang ka eona, e le ba bohlokoa. (Hag. 2:7, NW, ftn.) Ha re ntse re mamela lipolelo tsa bona tsa tumelo, lerato la rōna bakeng sa bona lea teba ’me bonngoe ba rōna boa matlafala. Na ba bang ba u tseba u le motho ea bang teng kamehla libokeng tsa phutheho?

5 Basebetsi-’moho Tšimong: Ho bolela litaba tse molemo le balumeli-’moho le rōna ho re kopanya ’moho ho etseng thato ea Molimo. Moapostola Pauluse o ne a ananela “basebetsi-’moho le [eena] bakeng sa ’muso oa Molimo.” (Bakol. 4:11) Ho bolellana liphihlelo le ho thusana ha re le tšebeletsong ho re thusa ho phetha thōmo ea rōna ea Bokreste le ho matlafatsa tlamo ea rōna ea bonngoe.—Bakol. 3:14.

6 Tšusumetso e Kopanyang ea Moea o Halalelang: Ha re ntse re ikitlaelletsa ho etsa thato ea Jehova, o re hlohonolofatsa ka moea oa hae. Sena se re thusa ho fokotsa liphapang e le hore re lule hammoho bonngoeng. (Pes. 133:1) Se re khothalletsa ho “boloka bonngoe ba moea ka tlamo e kopanyang ea khotso.” (Baef. 4:3) E mong le e mong oa rōna a ka tlatsetsa bonngoeng bo teng har’a batho ba Molimo ka ho bonahatsa litholoana tsa moea ha a sebelisana le ba bang.—Bagal. 5:22, 23.

7 Ho sebeletsa hammoho re kopane tlas’a bohlooho ba Kreste ho “sebeletsa khōlo ea ’mele bakeng sa ho ikaha ha oona ka lerato.” (Baef. 4:16b) Ho feta moo, ho tlotlisa Jehova, “Molimo ea fanang ka khotso.”—Bar. 16:20.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela