Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa Aug. 15
“U nahana hore mohlala oa botšepehi bo hlaheletseng ke ofe? [Emela karabelo.] Sehlooho sena se totobatsa ho tšepahala ho Molimo oa ’nete. [Phetla leqephe la 5, ’me u bale 2 Samuele 22:26.] Na u ne u tseba hore ho tšepahala ho Molimo ho ka thibela batho ho tšoara ba bang ka ho hloka lerato? Ke lumela hore u tla thabela ho se bala.”
Molula-Qhooa Sept. 1
“Na u hlokometse hore libakeng tse ngata baahelani ha ba sa tsebana joaloka pele? [Emela karabelo.] Jesu o ile a bua ka molao-motheo oo e leng senotlolo sa ho ba moahelani ea molemo. [Bala Matheu 7:12.] Lihlooho tsena li bontša kamoo re ka bang baahelani ba molemo kateng le ho khothalletsa ba bang ho etsa se tšoanang.”
Tsoha! Sept. 8:
“Na u kile ua tšoenyeha ka ho se laolehe ha bothata boo batho ba nang le bona ba tšilafalo? [Emela karabelo.] Sesosa se ka sehloohong sa bothata bona ke ho senya. Jesu o rutile balateli ba hae hore ba se ke ba senya. [Bala Johanne 6:12.] Makasine ena e bontša kamoo ho latela melao-motheo ea Bibele ho ka thusang malapa ho qoba tloaelo ea ho lahla lintho.”
Nehelano e ’ngoe: “Ho batho ba bangata kajeno, bophelo ha boa tsitsa. [Bala Moeklesia 9:11.] Tataiso ea ’nete e ka fumanoa hokae? [Emela karabelo.] Ba bang ba retelehela ho noheng bokamoso ka ho sebelisa linomoro. Na ee ke tsela eo qetello ea hao e ka senoloang ka eona? U ka fumana boitsebiso ba ’nete hokae ka bokamoso? Tsoha! e fana ka likarabo.”