Lebokose La Lipotso
◼ Ke neng ha ho loketse ho theha sehlopha sa puo e itseng, puo ea naha e ’ngoe, kapa puo ea matsoho?
Ha tšimo ea phutheho e akarelletsa karolo e khōlō e nang le batho ba puo e itseng kapa ba puo ea naha e ’ngoe, baholo ba lokela ho etsa sohle se matleng a bona ho hlophisa mosebetsi oa boboleli ka puo eo. (km-SU 7/02 leq. 1; km-SU 2/98 maq. 3-4) Mohlomong batho ba puo e itseng, ba puo ea naha e ’ngoe, kapa lithōlō ba jala-jalane tšimong ea liphutheho tse peli kapa tse eketsehileng tse atamelaneng. Maemong a joalo, (ba)molebeli oa potoloho o tla fana ka tataiso e hlokahalang, kahoo a thuse liphutheho tse amehang ho sebelisana-’moho mosebetsing oa boboleli. Nako le nako, ho ka ’na ha lokisetsoa hore ho tšoaroe puo ea phatlalatsa kapa Thuto ea Molula-Qhooa ho bona hore na liboka tsa puo eo li tšehetsoa hakae.
Sehlopha se ka thehoa haeba litekanyetso tse latelang li finyelletsoe: (1) Haeba ho e-na le bahoeletsi kapa batho ba thahasellang ba utloisisang hantle litaba tse molemo ka puo eo. (2) Haeba ho e-na le moholo ea tšoanelehang kapa mohlanka ea sebeletsang ho nka ketello-pele le ho tšoara bonyane seboka se le seng beke le beke. (3) Haeba sehlopha sa baholo se ikemiselitse ho tšehetsa sehlopha seo. Ha litekanyetso tsena li se li finyelletsoe, baholo ba lokela ho tsebisa ofisi ea lekala e le hore e tsebe ka sehlopha sena le ho fana ka litaelo tse eketsehileng.
Lihlopha tse ngata li qala ka ho tšoara Thuto ea Buka ea Phutheho beke le beke. Hamorao, baholo ba ka ’na ba lumela ho kenyelletsa liboka tse ling, tse kang Seboka sa Phatlalatsa le sa Thuto ea Molula-Qhooa. Puo ea 2, ea 3 le ea 4 Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo li ka ’na tsa nehelanoa sekolong se seng haeba ho e-na le moholo kapa mohlanka ea sebeletsang ea tšoanelehang ea buang puo eo ea ka sebeletsang e le moeletsi. Leha ho le joalo, sehlopha se tla kopana le phutheho bakeng sa puo ea taeo, lintlha tse khōlō tsa Bibele le Seboka sa Tšebeletso. Sehlopha se ka ’na sa boela sa lokisetsoa liboka tsa tšebeletso ea tšimo.
Boitsebiso bona bo boetse bo sebetsa le tabeng ea ho thehoa ha lihlopha tse ka thōko ebang ke tšimong eo phutheho e e abetsoeng kapa ke tšimong ea tsona e sa abuoang. Kamehla ho molemo haeba lihlopha tsena li ka hlokomeloa ke phutheho e haufi, haeba ho khoneha.
Bohle ba sehlopheng ba sebelisana haufi tlas’a tlhokomelo ea sehlopha sa baholo. Baholo ba lokela ho fana ka tataiso e leka-lekaneng le ho bontša hore ba thahasella ho hlokomela litlhoko tsa sehlopha. Ha molebeli oa potoloho a etetse phutheho e tšehelitseng sehlopha, o tla boela a lokisetse ho sebetsa le sehlopha seo e le hore a se hahe moeeng. Ka tlhohonolofatso ea Jehova, ka mor’a nako sehlopha seo se ka ’na sa fetoha phutheho.