Video e Tla U Beha Leseling le ho U Susumetsa!
E ne e le April 1951. Lipaki Tsa Jehova tse likete moo pele e neng e le Soviet Union—e le malapa a feletseng—li ile tsa khobokanngoa, tsa kenngoa makarecheng ’me tsa isoa Siberia. Ke hobane’ng ha ’muso o matla oa Soviet Union o ile oa ikemisetsa ho li felisa? Barab’abo rōna ba ile ba phonyoha joang esita le ho atleha ka lilemo tseo tse ngata tsa mahloriso a sa eeng moriting? U tla fumana likarabo videong e reng Faithful Under Trials—Jehovah’s Witnesses in the Soviet Union. E shebelle, ’me u utloe ha molaetsa oa eona o hlahang motho leseling o u susumelletsa ho lula u tšepahala ho Jehova ho sa tsotellehe se ka ’nang sa u hlahela!
Na u ka araba lipotso tsee? (1) Lipaki Tsa Jehova li qalile ho amoheloa neng ka molao Russia? (2) Ho tlile joang hore Soviet Union e be le malapa a likete a Lipaki, pele ho Ntoa ea II ea Lefatše le ka morao ho eona? (3) Tumelo ea tsona e ne e hanyetsana joang ka ho feletseng le filosofi ea Lenin? (4) Operation North e ne e le eng, hona Stalin o ne a tšepa ho finyella eng ka eona? (5) Ho lelekoa naheng ea habo tsona ho ile ha bolela eng ho Lipaki, hona li ile tsa bolelloa hore li lokela ho etsa eng e le hore li qobe ho lelekoa? (6) Leetong le lelelele la terene le eang Siberia, bara le barali babo rōna ba ile ba khothatsana joang le hona ho makatsa baholehi ba bona? (7) Lipaki li ile tsa mamella mathata afe Siberia? (8) Batho ba Jehova ba ne ba ananela tokisetso efe ea bohlokoa ea moea, hona hobane’ng? (9) Ke hobane’ng ha barab’abo rōna ba ile ba ikemisetsa ho beha bophelo ba bona kotsing ka lebaka la lingoliloeng tsa bona, hona ba ile ba atleha joang ho sa tsotellehe boiteko bo sa khaotseng ba ba boholong ba ho ba thibela ho li fumana? (10) Khrushchev o ile a tsoela pele ho hlasela batho ba Molimo joang? (11) Ba boholong ba ile ba leka ho senya tumelo ea bana ba Lipaki joang? (12) Barab’abo rōna ba ne ba e-na le kutloisiso efe e hlakileng ea hore na ke hobane’ng ha ba hlorisoa? (Buka ea Selemo ea 2002, leqepheng la 203-4) (13) Ho hlasela mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo ka matla ho ile ha e-ba le phello efe ho bahlorisi, eo ba neng ba sa e lebella? (Buka ea Selemo ea 2002, leqepheng la 220-1) (14) Ho ile ha etsahala lintho life tseo ka nako e ’ngoe e kileng ea e-ba toro feela ho Lipaki tsa moo pele e neng e le Soviet Union? (15) Ke’ng e ileng ea thusa barab’abo rōna ho mamella liteko tsa bona, hona lintho tse etsahalang qetellong ea video li bontša joang bonnete ba mantsoe a Jeremia 1:19? (16) Pheta e ’ngoe ea liphihlelo tsa pale ea bophelo e bontšang ho tšepahala tlas’a teko e ileng ea u ama maikutlo ka ho khetheha.