Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/03 leq. 8
  • Tsela ea ho Buella Limakasine

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsela ea ho Buella Limakasine
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
km 3/03 leq. 8

Tsela ea ho Buella Limakasine

Molula-Qhooa Mar. 15

“Na u nahana hore lithuto tsa Jesu lia sebetsa mehleng ea rōna? [Emela karabo.] Ha ho pelaelo hore u tla lumellana le taelo eo Jesu a faneng ka eona letsatsing la ho qetela la bophelo ba hae. [Bala Johanne 15:12.] Letsatsing leo Jesu o ile a ruta le lithuto tse ling tsa bohlokoa. Molula-Qhooa ona o bontša kamoo re ka ruang molemo kateng ho tsona.”

Molula-Qhooa Apr. 1

“Setšoantšong sena re bona lijo tseo ka tloaelo ho thoeng ke Lijo Tsa Mantsiboea a ho Qetela. [Mo bontše makasine ka pele le ka morao.] Na u ne u tseba hore ke eona feela ketsahalo eo Bakreste ba laetsoeng ho e hopola? [Emela karabo. Ebe u bala Luka 22:19.] Makasine ena e hlalosa lebaka leo ka lona mokete ona e leng oa bohlokoa le kamoo o u amang kateng.”

Tsoha! Apr. 8

“Na ha ho utloise bohloko hore ebe bophelo ba batho ba bangata ba bacha bo sentsoe ke lithethefatsi? [Emela karabo.] Hangata mathata a qala ha bacha ba e-ba le metsoalle e mebe. [Bala 1 Bakorinthe 15:33.] Tokollo ena ea Tsoha! e bua ka se susumelletsang bacha ho qala ho sebelisa lithethefatsi le seo batsoali ba ka se etsang ho ba sireletsa.”

Nehelano e ’ngoe: “Na u hlokometse hore matsatsing aa batho ba bangata baa hlobaela? [Emela karabo.] Matšoenyeho le litsietsi li ka baka boemo bona. [Bala Moeklesia 5:12.] Makasine ena e bua ka lisosa tse ling tsa ho hlobaela, ’me e fana ka likeletso tse sebetsang tsa kamoo re ka ntlafatsang mekhoa ea rōna ea ho robala.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela