Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/06 leq. 8
  • Tsela ea ho Buella Limakasine

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsela ea ho Buella Limakasine
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
km 3/06 leq. 8

Tsela ea ho Buella Limakasine

Molula-Qhooa Mar. 15

“Bongata ba rōna re kile ra utloa bohloko ba ho shoeloa ke moratuoa. Na u tseba tšepiso ee e tšelisang? [Bala Liketso 24:15. Ebe u emela karabo.] Leha ho le joalo, ba bangata ba ipotsa lipotso tsena: Ke bo-mang ba tla tsosoa? Ba tla tsosoa neng? Ba tla tsosetsoa hokae? Makasine ena e fana ka likarabo tse thehiloeng Bibeleng tsa lipotso tsena.”

Tsoha! Mar.

“Batho ba bangata ba lumela hore Jesu ke Molimo. Empa ntho e thahasellisang ke hore Petrose, eo e neng e le morutuoa oa Jesu o ile a re Jesu ke Mora oa Molimo. [Bala Matheu 16:16.] Na u nahana hore hoa khoneha hore Jesu e be Molimo ka nako e tšoanang e be Mora oa Molimo? [Emela karabo.] Sehlooho sena se leqepheng la 12-13 se tšohla potso ena, ebile se fana ka pono ea Bibele tabeng ena.”

Molula-Qhooa Apr. 1

“Mantsoe ana a tsebahalang haholo a totobatsa hore ke habohlokoa ho tseba Molimo. [Bala Matheu 4:4.] Leha ho le joalo, batho ba bangata ba thatafalloa ho utloisisa Lentsoe la Molimo. Na le uena u fumane ho le joalo? [Emela karabo.] Makasine ena e fana ka lintlha tse molemo tse ka u thusang ho utloisisa Bibele.”

Tsoha! Apr.

“Batho ba bangata ba loanela ho fumana thabo, empa ke ba ’maloa ba e fumanang. Na u nahana hore linthong tse boletsoeng moo ho na le e ka thusang batho ho thaba bophelong? [Mo bontše lebokose le leqepheng la 9. Ebe u bala le leng la mangolo a bontšitsoeng.] Makasine ena ea Tsoha! e tšohla litsela tse thehiloeng Bibeleng tsa ho fumana thabo ea ’nete.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela