Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/03 leq. 8
  • Ho Tsebahatsa Lebitso la Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tsebahatsa Lebitso la Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehova o Phahamisa Lebitso la Hae
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
  • Hlompha Lebitso la Jehova le Leholo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Lebitso la Molimo
    Tsoha!—2017
  • Lebitso la Molimo ke Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
km 6/03 leq. 8

Ho Tsebahatsa Lebitso la Molimo

1. Ho tseba lebitso la Molimo ho ka ama batho joang?

1 U ile ua ikutloa joang ka mor’a hore u tsebe lebitso la Molimo ka lekhetlo la pele? Ba bangata ba ile ba ikutloa joaloka mosali e mong ea ileng a re: “Ha ke qala ho bona lebitso la Molimo ka Bibeleng, ke ile ka lla. Ke ne ke anngoe haholo ke ho tseba lebitso la Molimo le hore nka le sebelisa.” Ho eena, ho tseba lebitso la Molimo e ne e le bohato ba bohlokoa ba ho qala ho tseba Jehova e le motho le ba ho khona ho haha setsoalle le eena.

2. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re rute ba bang ka Jehova?

2 Ke Hobane’ng ha re Lokela ho le Tsebahatsa? Ho tseba lebitso la Molimo ho bolela ho tseba litšobotsi tsa hae, merero le liketso tsa hae. Ebile ho bolela poloko. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “E mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.” Empa Pauluse o ile a botsa hore na ‘ba tla ipiletsa joang ho eena’ ha ba sa qale ka ho tseba Jehova le ho lumela ho eena? Kahoo, ke habohlokoa hore Bakreste ba tsebahatse lebitso la Molimo le seo le se emelang. (Bar. 10:13, 14) Leha ho le joalo, ho na le lebaka le leng la bohlokoa le ho feta, leo ka lona lebitso la Molimo le lokelang ho tsebahatsoa.

3. Lebaka le ka sehloohong la boboleli ba rōna ke lefe?

3 Lilemong tsa bo-1920, batho ba Molimo ba ile ba elelloa ka Mangolong hore ho na le tseko bokahohleng e amanang le ho tlosoa ha qoso lebitsong la Molimo le ho halaletsoa ha lebitso la hae. Pele Jehova a felisa ba khopo le ho tlosa thohako e phahelletsoeng lebitsong la hae, ’nete e mabapi le eena e lokela ho “tsebahatsoa lefatšeng lohle.” (Esa. 12:4, 5; Ezek. 38:23) Ka hona, lebaka le ka sehloohong la boboleli ba rōna ke ho rorisa Jehova phatlalatsa le ho halaletsa lebitso la hae har’a pōpo eohle. (Baheb. 13:15) Lerato la rōna ho Molimo le ho moahelani le tla re susumelletsa ho kopanela ka botlalo mosebetsing ona o laetsoeng ke Molimo.

4. Ho tlile joang hore Lipaki Tsa Jehova li khetholloe ka lebitso la Molimo?

4 “Batho Bakeng sa Lebitso la Hae”: Re qalile ho tsejoa re le Lipaki Tsa Jehova ho tloha ka 1931. (Esa. 43:10) Ho tloha ka nako eo, batho ba Molimo ba tsebahalitse lebitso la Molimo haholo hoo buka ea Baboleli, leqepheng la 124 e reng: “Lichabeng tsohle, mang le mang ea sebelisang lebitso la Jehova ka bolokolohi kapele-pele [o khetholloa] joaloka e mong oa Lipaki Tsa Jehova.” Na le uena u khetholloa joalo? Kananelo ea rōna ka molemo oa Jehova e lokela ho re susumelletsa ho ‘boka lebitso la hae,’ le ho bua ka eena ha monyetla o mong le o mong o loketseng o hlaha.—Pes. 20:7; 145:1, 2, 7.

5. Boitšoaro ba rōna bo amana joang le ho jara ha rōna lebitso la Molimo?

5 Re le “batho bakeng sa lebitso la hae,” re lokela ho khomarela litekanyetso tsa hae. (Lik. 15:14; 2 Tim. 2:19) Hangata ntho ea pele eo batho ba e hlokomelang ka Lipaki Tsa Jehova ke boitšoaro ba tsona. (1 Pet. 2:12) Le ka mohla ha re batle ho silafatsa melao-motheo ea bomolimo kapa ho beha borapeli ba hae boemong ba bobeli bophelong ba rōna. (Lev. 22:31, 32; Mal. 1:6-8, 12-14) Ho e-na le hoo, e se eka tsela ea rōna ea bophelo e ka bontša hore re nka tokelo eo re nang le eona ea ho jara lebitso la Molimo e le ea bohlokoa.

6. Ke tokelo efe eo re ka e thabelang hona joale le ka ho sa feleng?

6 Kajeno, re bona ho phethahala ha mantsoe ana a Jehova a reng: “Ho tloha bochaba-tsatsi esita le ho isa bophirima-tsatsi lebitso la ka le tla ba leholo har’a lichaba.” (Mal. 1:11) A re tsoeleng pele re tsebahatsa ’nete ka Jehova le ho ‘boka lebitso la hae le halalelang ho isa nakong e sa lekanyetsoang.’—Pes. 145:21.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela