Ba Holofetse—Empa ba Beha Litholoana
1 Haeba u e mong oa Lipaki Tsa Jehova tse ngata tse holofetseng, u ntse u ka atleha tšebeletsong. Ha e le hantle, maemo a hao a ka ’na a u bulela monyetla o khethehileng oa ho pakela ba bang le ho ba khothatsa.
2 Menyetla ea ho Paka: Ba bangata ba holofetseng ba ntse ba kopanela tšebeletsong ka botlalo. Ka mohlala, morali’abo rōna e mong eo ho buuoa ho mo siileng a sa khone ho tsamaea le ho bua hantle o lemohile hore a ka kopanela tšebeletsong ea limakasine haeba monna oa hae a paka koloi haufi le tselana eo batho ba fetang ho eona ka bongata. Ka lekhetlo le leng, o ile a tsamaisa limakasine tse 80 ka lihora tse peli feela! Maemo a khethehileng ao u leng ho ’ona a ka ’na a etsa hore u kopane le batho bao hangata ho leng thata ho ba fumana. Haeba ho joalo, ba nke e le tšimo ea hao e khethehileng.
3 Mosebetsi oa hao oa boboleli o ka atleha haholo! Ha ba bang ba bona boikemisetso ba hao le tšusumetso e ntle eo ’nete ea Bibele e bileng le eona bophelong ba hao, ba ka ’na ba hoheloa ke molaetsa oa ’Muso. Ho feta moo, ha u kopana le batho ba mahlomoleng, phihlelo eo u nang le eona bophelong e ka u hlomella hore u ba fe matšeliso a tsoang Lentsoeng la Molimo.—2 Bakor. 1:4.
4 Matlafatsa ba Bang: Na ha ua ka ua matlafatsoa ke pale ea bophelo ea Laurel Nisbet ea ileng a tlameha ho lula ka har’a mochine o mo thusang ho phefumoloha ka lilemo tse 37 empa leha ho le joalo a thusitse batho ba 17 hore ba be le tsebo e nepahetseng ea ’nete ea Bibele? Ka mokhoa o tšoanang, mohlala oa hao o ka susumetsa balumeli-’moho le uena hore ba ikitlaetse tšebeletsong ea Jehova.—g93 1/22 leq. 18-21.
5 Esita le haeba maemo a hao a u thibela ho kopanela tšebeletsong joalokaha u ka rata, u ntse u ka matlafatsa ba bang. Mor’abo rōna e mong o ile a re: “Ke ithutile hore le motho ea holofetseng haholo a ka tsoela ba bang molemo. ’Na le mosali oa ka re ’nile ra fumaneha habonolo e le hore re ka thusa ba sa tšoaneng ka har’a phutheho. Ka lebaka la maemo a rōna, re lula re le teng kamehla, ’me re lula re fumaneha.” Leha ho le joalo, ka lebaka la ho holofala, ke ho utloahalang hore ka linako tse ling u ke ke ua khona ho sebetsa haholo joalokaha u batla. Leha ho le joalo, ka thuso e nyenyane u ka khona ho kopanela ka mafolofolo tšebeletsong. Ka lebaka leo, haeba u hloka thuso, u se ke ua tsilatsila ho tsebisa baholo kapa ba bang ka phuthehong ba ka khonang ho u thusa.
6 Jehova o hlokomela boiteko bo bong le bo bong boo u bo etsang ba ho mo sebeletsa, ’me o thabisoa ke tšebeletso eo u e etsang ea moea oohle. (Pes. 139:1-4) Ha u itšetleha ka eena, o tla u matlafatsa hore u behe litholoana ’me u be le tšebeletso e nang le morero.—2 Bakor. 12:7-10.