Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa Oct. 15
“Liqeto tse ngata tseo re tobanang le tsona li na le liphello tse tebileng bophelong ba rōna. Re ka thusoa ke eng ho qoba ho etsa liqeto tse seng bohlale? [Emela karabelo. Ebe u bala Liproverbia 3:6.] Molula-Qhooa ona o fana ka melao e tataisang e mehlano e thehiloeng Bibeleng e ka re thusang ho etsa liqeto tse bohlale.”
Molula-Qhooa Nov. 1
“Kaofela ha rōna re kile ra phoqoa ke batho bao re ba tšepang. Na u kile ua ipotsa, ‘Na ho na le motho eo nka mo tšepang?’ [Emela karabelo. Ebe u bala Liproverbia 3:5.] Makasine ena e hlalosa lebaka leo ka lona re ka tšepang Molimo ka ho feletseng. E boetse e bontša kamoo re ka tsebang hore na ke batho bafe bao re ka ba tšepang.”
Tsoha! Nov. 8
“Lihlahisoa tsa oli e tala li ama hoo e ka bang karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba rōna. Na u kile ua ipotsa hore na bophelo bo ne bo tla ba joang ha li ne li le sieo? [Emela karabelo.] Makasine ena e tšohla taba ea hore ho tlile joang hore oli e phethe karolo ea bohlokoa kajeno. Hape e hlalosa lebaka la hore re se ke ra tšoenyeha ka hore ka letsatsi le leng oli e tla fela.”
Nehelano e ’ngoe: “Na u hlokometse hore re ntse re utloa litlaleho tse eketsehileng tsa hore ho na le likokoana-hloko tse hlōlang meriana? [Emela karabelo.] Makasine ena e tšohla mabaka a sena le seo re ka se etsang ho itšireletsa. E boetse e tšohla tšepiso ea Bibele ea lefatše leo ho lona ho ke keng ha e-ba le motho ea tla kula.” Bala Esaia 33:24.