Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/03 leq. 4
  • Ho Hlaolela Kamano e Haufi-ufi le Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hlaolela Kamano e Haufi-ufi le Jehova
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Atamelang ho Molimo”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Hlaolela Kamano e Haufi-ufi le Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Ho Fumana Thabo Lentsoeng la Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • U ’ne U Hatele Pele Moeeng!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
km 11/03 leq. 4

Ho Hlaolela Kamano e Haufi-ufi le Jehova

1. Morali e mong oabo rōna o ile a hlokomela eng ka kemiso ea hae ea lintho tsa moea?

1 Morali e mong oabo rōna oa Mokreste o ile a lumela, a re: “Ke bile ’neteng ka lilemo tse ka bang 20, ke ikela libokeng feela le ho kopanela tšebeletsong ea tšimo.” Empa o tsoela pele o re: “Ke fihletse qeto ea hore le hoja lintho tsena e le tsa bohlokoa, ka botsona li ke ke tsa ntšehetsa ha lintho li qala ho thatafala. . . . Hona joale kea hlokomela hore ke tlameha ho fetola monahano oa ka ’me ke qale ho ba le lenaneo la ho ithuta le nang le morero e le hore ke tsebe Jehova hantle ’me ke mo rate le ho ananela seo Mora oa hae a re fileng sona.”

2. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho hlaolela kamano e haufi-ufi le Jehova?

2 Ho theha kamano e haufi-ufi ea botho le Jehova ho hloka boiteko. Ha ho hloke feela ho latela kemiso e itseng ea mesebetsi ea Bokreste. Haeba re sa buisane le Jehova kamehla, ha nako e ntse e ea o tla tšoana feela le motho eo e kileng ea e-ba motsoalle ea haufi eo e seng e le nako joale re sa buisane le eena. (Tšen. 2:4) A re hlahlobeng kamoo thuto ea botho ea Bibele le thapelo li ka re thusang kateng ho hlaolela kamano e haufi-ufi le Jehova.—Pes. 25:14.

3. Re lokela ho tšoara thuto ea rōna ea botho joang e le hore e re atametse haufi le Molimo?

3 Thapelo le ho Thuisa ke Tsa Bohlokoa: Thuto ea botho e matlafatsang pelo ha e akarelletse feela ho tšoaea lintlha tsa sehlooho boitsebisong bo ithutoang le ho sheba mangolo a bontšitsoeng. E hloka hore re nahanisise ka seo boitsebiso boo bo se senolang ka litsela tsa Jehova, litekanyetso tsa hae le botho ba hae. (Ex. 33:13) Ho utloisisa litaba tsa moea ho ama maikutlo a rōna ’me ho re susumelletsa ho nahana ka bophelo ba rōna. (Pes. 119:35, 111) Thuto ea botho e lokela ho etsoa ka sepheo sa ho atamela haufi le Jehova. (Jak. 4:8) Ho ithuta ho tebileng ho hloka nako hammoho le tikoloho e loketseng, ’me ho hlokahala hore motho a itaee e le a ithute kamehla. (Dan. 6:10) Esita le haeba u motho ea phelang bophelo bo maphathaphathe, na letsatsi ka leng u ipha nako ea ho thuisa ka litšobotsi tsa Jehova tse hlollang?—Pes. 119:147, 148; 143:5.

4. Ho rapela pele re qala thuto ea botho ho re thusa joang ho hlaolela kamano e haufi-ufi le Jehova?

4 Thapelo e tlohang pelong ke karolo ea bohlokoa ea thuto ea botho e nang le morero. E le hore linnete tsa Bibele li re ame maikutlo le ho re susumelletsa ho ‘etsetsa Molimo tšebeletso e halalelang ka tšabo ea bomolimo le tšabo e nang le tlhompho,’ re hloka moea oa Molimo o halalelang. (Baheb. 12:28) Ka hona, nako le nako ha re ithuta re lokela ho qalisa ka ho kōpa Jehova hore a re fe moea oa hae. (Mat. 5:3) Ha re ntse re thuisa ka Mangolo re bile re sebelisa likofuto tseo mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng o faneng ka tsona ho re thusa ho ithuta, re phetlela Jehova lipelo tsa rōna. (Pes. 62:8) Ho ithuta ka tsela ena ke ketso ea borapeli eo ka eona re bonahatsang boinehelo ba rōna ho Jehova le ho matlafatsa botsoalle ba rōna le eena.—Juda 20, 21.

5. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re thuise ka Lentsoe la Molimo letsatsi ka leng?

5 Joaloka likamanong tse ling tsohle, kamano ea rōna le Jehova e lokela ho matlafatsoa ka ho tsoelang pele e le hore e ’ne e tiee bophelong bohle ba rōna. Ka hona, e se eka re ka ithekela nako letsatsi ka leng hore re atamele haufi le Molimo, re tseba hore le eena o tla atamela ho rōna.—Pes. 1:2, 3; Baef. 5:15, 16.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela