Mosebetsi o Tšehetsoang ke Molimo
1 Har’a bahlanka ba Molimo kajeno, ke ba seng bakae feela ba nang le thuto e phahameng, ba ruileng kapa ba tummeng tsamaisong ena ea lintho. Ka lebaka leo, batho ba bang ba hana tšebeletso ea rōna ka hore hase ea bohlokoa. (Esa. 53:3) Leha ho le joalo, mosebetsi oa thuto ea Bibele oo re o etsang o tliselitse batho ba limilione lefatšeng lohle matšeliso le tšepo. Batho feela ba tloaelehileng ba khonne joang ho phetha mosebetsi oo o ikhethang? Ba o entse feela ka tšehetso ea Molimo. (Mat. 28:19, 20; Lik. 1:8) Moapostola Pauluse o ile a hlalosa a re: “Molimo o ile a khetha lintho tse fokolang tsa lefatše, e le hore a ka hlabisa lintho tse matla lihlong.”—1 Bakor. 1:26-29.
2 Bongata ba baapostola le Bakreste ba bang ba lekholong la pele la lilemo e ne e le batho “ba sa rutehang le ba tloaelehileng.” (Lik. 4:13) Empa ka sebete ba ile ba phetha mosebetsi oa bona oa ho bolela litaba tse molemo, ’me Jehova a hlohonolofatsa boiteko ba bona. Ho sa tsotellehe litšitiso le khanyetso, “ka tsela e matla lentsoe la Jehova la ’na la hōla le ho hlōla.” Ha ho letho le neng le ka thibela mosebetsi kaha o ne o tšehetsoa ke Molimo. (Lik. 5:38, 39; 19:20) Ho ’nile ha e-ba joalo le mehleng ea kajeno. Esita le khanyetso e tiileng ea babusi ba matla ha ea thibela litaba tse molemo ho hlōla le ho hōla.—Esa. 54:17.
3 Tlotla Eohle e Lebisoe ho Molimo: Na boemo ba rōna bo amohelehang ba ho ba basebeletsi ba Molimo bo etsa hore re be le lebaka la ho ithorisa? Le hanyenyane. Ha Pauluse a bua ka tšebeletso ea Bokreste o ile a ngola a re: “Re na le letlotlo lena lijaneng tsa letsopa, e le hore matla a fetang se tloaelehileng e ka ba a Molimo eseng a tsoang ho rōna.” (2 Bakor. 4:7) Pauluse o ile a hlokomela hore o khonne ho tsoela pele tšebeletsong feela ka matla ao Molimo a mo fileng oona.—Baef. 6:19, 20; Bafil. 4:13.
4 Ka ho tšoanang le rōna rea hlokomela hore mosebetsi oa boboleli o finyeletsoe feela hobane re “fumane thuso e tsoang ho Molimo.” (Lik. 26:22) Ka boboleli bo joalo ba lefatšeng ka bophara, Jehova o re sebelisa ka tsela e ikhethang hore re sisinye lichaba—ka ho li lemosa ka timetso e tlang haufinyane. (Hag. 2:7) Re na le tokelo e kaakang ea ho ba “basebetsi-’moho le Molimo” kotulong e khōlō ea moea!—1 Bakor. 3:6-9.