Etsisa Boikutlo ba Kelello ba Jesu
1 Le hoja ho se mohla re kileng ra bona Mor’a Molimo, re rata Jesu ka lebaka la tlaleho e ngotsoeng ea bophelo le tšebeletso ea hae. (1 Pet. 1:8) Ka lebaka la ho ikokobelletsa thato ea Ntat’ae o ile a tlohela boemo ba hae ba leholimo bo phahameng a tla lefatšeng. Nakong eo e neng e le motho, o ile a sebeletsa ba bang a se na boithati ’me a nehelana ka bophelo ba hae molemong oa moloko oa batho. (Mat. 20:28) Lentsoe la Molimo le re khothalletsa sena: “Bolokang boikutlo bona ba kelello ho lōna bo neng bo le teng le ho Kreste Jesu.” Re ka etsisa moea oa hae oa boitelo joang?—Bafil. 2:5-8.
2 Ha a Khathetse: Le hoja Jesu a ne a phethahetse, o ne a khathala. Ka lekhetlo le leng, ha a ne a “khathetse ka lebaka la leeto,” o ile a fana ka bopaki bo phethahetseng ho mosali oa Mosamaria. (Joh. 4:6) Kajeno Bakreste ba bangata ba tobana le phephetso e tšoanang. Ka mor’a ho sebetsa beke kaofela ’me re khathetse, ho ka ba thata ho fumana matla a ho kopanela mosebetsing oa boboleli. Leha ho le joalo, haeba re etsa joalo kamehla, re tla fumana hore tšebeletso ea Bokreste ea re khatholla moeeng.—Joh. 4:32-34.
3 Ka lekhetlo le leng, Jesu le barutuoa ba hae ba ile ba ea sebakeng se ka thōko e le hore ba ka roba monakeli. Leha ho le joalo, bongata bo boholo bo ile ba tseba ’me ba ba raka ka ho mathela ho ea kopana le bona. Ho e-na le ho halefa, Jesu “a susumetsoa ke khauho bakeng sa bona” ’me a qala ho ba “ruta lintho tse ngata.” (Mar. 6:30-34) Ho qalisa lithuto tsa Bibele le ho li khanna ho hloka boikutlo bo tšoanang. Ho hloka boiteko bo tsoelang pele le lerato la ’nete ho batho. Haeba hona joale ha o khanne thuto ea Bibele, tsoela pele u leka ho e fumana.
4 Etelletsa Lintho Tse Amanang le ’Muso Pele: Bopula-maliboho bo thusang bo ka re thusa ho lebisa tlhokomelo e khōloanyane mesebetsing ea moea. Morali e mong oabo rōna e mocha lilemong o ile a ngola joana: “’Mè oa e mong oa metsoalle ea ka o ile a re khothalletsa re le babeli hore re be bo-pula-maliboho ba thusang le eena khoeli e le ’ngoe. Ka sebele kea thaba hore ebe re ile ra bula maliboho le eena. Ke ile ka thabela ho tseba bara le barali babo rōna haholoanyane, ’me kapele ba ne ba se ba tšoana le banab’eso. Hape ke ile ka thabela ho ba le monyetla o eketsehileng oa ho bua le ba bang ka Jehova le ho ba ruta linnete tse tsotehang tsa ’Muso. Sena sohle se ile sa etsa hore ke ikutloe ke atametse haholoanyane ho Jehova le mokhatlong oa hae o hlophisitsoeng.”—Pes. 34:8.
5 Kaofela ha rōna re tobana le ntoa e pakeng tsa ’mele ea rōna e sa phethahalang le takatso ea rōna ea ho khahlisa Jehova. (Bar. 7:21-23) Re lokela ho hanela moea oa lefatše oa ho iqenehela. (Mat. 16:22, 23) Jehova a ka re thusa ho atleha ho sena ka moea oa hae o halalelang. (Bagal. 5:16, 17) Ha re ntse re letetse ho lopolleloa lefatšeng le lecha le lokileng la Molimo, e se eka re ka etsisa boikutlo ba kelello ba Jesu ka ho etelletsa lintho tse amanang le ’Muso le lithahasello tsa ba bang ka pel’a lintho tseo re li thahasellang.—Mat. 6:33; Bar. 15:1-3.
[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]
1. Jesu o ile a bonahatsa boikutlo bofe ba kelello?
2. Bakreste ba bangata ba tobana le phephetso efe, hona ke’ng se ka ba thusang ho e hlōla?
3. Re ka etsisa boikemisetso ba Jesu ba ho ruta joang?
4. Bopula-maliboho bo thusang bo ka re thusa joang ho etsisa boikutlo ba kelello ba Kreste?
5. Ke hobane’ng ha re lokela ho tsoela pele re etsa boiteko ba ho etsisa boikutlo ba kelello ba Jesu?