“Le Atolohe”
1 Mokhatlong oa bara ba motho oa Bakreste, e mong le e mong oa rōna o na le boikarabelo ba ho tlatsetsa mofuthung oa phutheho. (1 Pet. 1:22; 2:17) Mofuthu o joalo o ba teng ha re ‘atolosa’ lerato la rōna le mofuthu e mong ho e mong. (2 Bakor. 6:12, 13) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho tseba bara le barali babo rōna hantle?
2 Setsoalle Sea Tiea: Ha re ntse re tseba balumeli-’moho le rōna hantle, re ananela ka ho feletseng tumelo ea bona, mamello le litšobotsi tse ling tse ntle. Ha re sa bona mefokolo ea bona hakaalo, ’me setsoalle sea tiea. Ha re tsebana hantle, re ba boemong bo molemo ba ho hahana le ho khothatsana. (1 Bathes. 5:11) Re ka ba “thuso e matlafatsang” e mong ho e mong e le hore re hanele tšusumetso e mpe ea lefatše la Satane. (Bakol. 4:11) Kaha re talimane le matsatsi ana a ho qetela a tletseng likhatello, re leboha hakaakang hore ebe re na le metsoalle e molemo har’a batho ba Jehova!—Liprov. 18:24.
3 Metsoalle e haufi e ka ba mohloli o khethehileng oa matla le khothatso ha re talimane le liteko tse boima. (Liprov. 17:17) Mokreste e mong ea neng a loantšana le maikutlo a hore ha a na thuso oa hopola, o re: “Ho ne ho e-na le metsoalle e neng e mpolella makhabane a ka ho nthusa ho hlōla mehopolo e fosahetseng eo ke neng ke e-na le eona.” Metsoalle e joalo ke tlhohonolofatso e tsoang ho Jehova.—Liprov. 27:9.
4 Thahasella ba Bang: Re ka atolosa lerato la rōna le mofuthu joang bakeng sa balumeli-’moho? Ho phaella ho lumeliseng ba bang libokeng tsa Bokreste, etsa boiteko ba ho ba le moqoqo o molemo le bona. Bontša thahasello empa u sa itšunya-tšunye litabeng tsa bona tsa botho. (Bafil. 2:4; 1 Pet. 4:15) Tsela e ’ngoe ea ho bontša ba bang thahasello ke ka ho ba memela lijong. (Luka 14:12-14) Kapa u ka ’na ua lokisetsa ho sebetsa le bona tšebeletsong ea tšimo. (Luka 10:1) Ha re nka bohato ba pele ba ho tseba barab’abo rōna hantle, re khothalletsa bonngoe ka phuthehong.—Bakol. 3:14.
5 Na re khetha metsoalle e haufi lithakeng tsa rōna feela kapa ho bao re thahasellang lintho tse tšoanang le bona? Ha rea lokela ho lumella lintho tse joalo hore li lekanyetse setsoalle seo re se hlaolelang ka phuthehong. Davida le Jonathane hammoho le Ruthe le Naomi e ile ea e-ba metsoalle ea hlooho ea khomo le hoja e ne e se lithaka ’me ba hōletse maemong a sa tšoaneng. (Ruthe 4:15; 1 Sam. 18:1) Na u ka atolosa setsoalle sa hao? Ho etsa joalo ho ka fella ka litlhohonolofatso tse sa lebelloang.
6 Ka ho atolosa lerato la rōna le mofuthu bakeng sa ba bang, rea matlafatsana ’me re tlatsetsa khotsong ea phutheho. Ho feta moo, Jehova ka boeena oa re hlohonolofatsa ha re bontša barab’abo rōna lerato. (Pes. 41:1, 2; Baheb. 6:10) Ke hobane’ng ha u sa iketsetse pakane ea ho tloaelana le ba bangata kamoo ho ka khonehang?
[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]
1. E mong le e mong oa rōna o na le boikarabelo bofe?
2. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho hlaolela setsoalle le balumeli-’moho?
3. Re ka ba thuso e matlafatsang joang ho ba bang?
4. Re ka tseba ba bang hantle joang ka phuthehong?
5. Tsela e ’ngoe ea ho atolosa setsoalle sa rōna ke efe?
6. Melemo e meng ea ho atolosa lerato la rōna le mofuthu bakeng sa barab’abo rōna ke efe?