Jehova o Thusa ba mo Tšepang
1 Batho ba bangata ba talima chelete, matla le bokhoni e le mohloli oa katleho. (Pes. 12:4; 33:16, 17; 49:6) Leha ho le joalo, Bibele e tiisetsa ba tšabang Jehova le ba mo tšepang hore “ke thuso ea bona le thebe ea bona.” (Pes. 115:11) A re tšohleng likarolo tse peli tseo ho tsona ho hlokahalang hore re bontše hore re tšepa Jehova.
2 Re le Basebeletsi ba Bakreste: Neng le neng ha re phetha likabelo ka phuthehong kapa re ruta tšebeletsong ea tšimo, re lokela ho itšetleha ka Molimo oa rōna. Nahana ka mohlala oa Jesu. Le hoja e ne e le Mora oa Molimo, ha aa ka a tšepa bohlale kapa bokhoni ba hae empa o ile a itšetleha ka ho feletseng ka Ntate oa hae oa leholimo. (Joh. 12:49; 14:10) Ke habohlokoa hakaakang hore le rōna re etse se tšoanang! (Lipr. 3:5-7) Boiteko ba rōna bo fokolang bo ka tlotlisa Jehova le ho ruisa ba bang molemo hafeela re hlohonolofatsoa ke eena.—Pes. 127:1, 2.
3 Re bontša hore re itšetlehile ka Jehova ha re rapella tataiso ea hae le thuso ea moea oa hae o halalelang. (Pes. 105:4; Luka 11:13) Ho phaella moo, re bontša hore re tšepa Molimo ka ho theha seo re se rutang Lentsoeng la hae, e leng Bibele. Molaetsa oa lona o na le matla a ho susumetsa lipelo le ho fetola bophelo. (Baheb. 4:12) Jehova o tlotlisoa ke ha re ‘sebeletsa joaloka ba itšetlehileng ka matla ao Molimo a fanang ka ’ona.’—1 Pet. 4:11.
4 Ho Sebetsana le Mathata: Hape ho hlokahala hore re itšetlehe ka Jehova e le hore a ka re thusa ha re tobane le likhatello le mathata. (Pes. 46:1) Ka mohlala, mohiri a ka ’na a tsilatsila ho re lokolla mosebetsing hore re ee kopanong, kapa re ka ’na ra tobana le boemo bo phephetsang bophelong ba rōna ba lelapa. Re bontša hore re tšepa Jehova ka ho mo rapela ka tieo le ho sebelisa tataiso eo a fanang ka eona ka Lentsoe la hae le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. (Pes. 62:8; 119:143, 173) Ka ho etsa joalo, bahlanka ba Jehova ba fumana thuso ea hae bophelong ba bona.—Pes. 37:5; 118:13, 16.
5 Jehova o re tiisetsa seo ha a re: “Ho hlohonolofatsoe monna ea shahlileng ea tšepang Jehova, le eo Jehova e leng tšepo ea hae.” (Jer. 17:7) E se eka re ka bontša hore rea mo tšepa ho sohle seo re se etsang!—Pes. 146:5.