Bonahatsa Moea oa Bopula-maliboho
1 Ebang ba ka khona ho sebeletsa e le bo-pula-maliboho hona joale kapa che, bahoeletsi bohle ba ’Muso ba ka bonahatsa moea oa bopula-maliboho. Ba amehile haholo ka taelo e mabapi le ho bolela le ho etsa barutuoa. (Mat. 28:19, 20; Lik. 18:5) Ba tsotella batho ’me baa itela e le hore ba ka phetha tšebeletso ea bona. (Mat. 9:36; Lik. 20:24) Bahlanka ba Jehova ba ikemiselitse ho etsa eng kapa eng e hlokahalang ho thusa ba bang ho ithuta ’nete. (1 Bakor. 9:19-23) A re hlahlobeng mohlala oa e mong ea neng a e-na le moea o tšoanang, e leng moevangeli Filipi.
2 Ho Bolela le ho Ruta: Filipi o ne a e-na le boikarabelo bo tebileng ka har’a phutheho ea lekholo la pele la lilemo. (Lik. 6:1-6) Leha ho le joalo, ka ho khetheha e ne e le ’moleli ea chesehang oa litaba tse molemo. (Lik. 8:40) Kajeno, ha ba ntse ba etsa mesebetsi eo ba e abetsoeng, baholo le bahlanka ba sebeletsang ba ka bonahatsa moea oa bopula-maliboho ka ho etella pele ka cheseho tšebeletsong. Sena se tsosa phutheho molota hakaakang!—Bar. 12:11.
3 Ka mor’a lefu la Setefane, mahloriso a sa khaotseng a ile a baka pherekano e khōlō bophelong ba barutuoa. Leha ho le joalo, Filipi a tsoela pele ho bolela, ’me a phetha karolo ea bohlokoa ho qaliseng mosebetsi har’a Basamaria. (Lik. 8:1, 4-6, 12, 14-17) Re ka etsisa mohlala oa hae ka ho tsoela pele re bolela litaba tse molemo ha re le har’a liteko le ka ho bolela re sa khethe ho bohle bao re kopanang le bona.—Joh. 4:9.
4 Bokhoni boo Filipi a neng a e-na le bona joaloka mosuoe oa Lentsoe la Molimo, bo ka bonoa tlalehong ea tšokoloho ea leqhalaha la Moethiopia. (Lik. 8:26-38) Tsela e ’ngoe eo re ka bonahatsang moea oa bopula-maliboho ka eona ke ka ho hlaolela bokhoni ba ho sebelisa Bibele ho ‘behelana mabaka le batho ka Mangolo.’ (Lik. 17:2, 3) Joaloka Filipi, re batla ho bolela litaba tse molemo hohle moo batho ba fumanehang teng ha ho hlaha monyetla o mong le o mong o loketseng.
5 Lelapa le Phutheho: Ha ho pelaelo hore boitšoaro le mohlala oa Filipi li bile le tšusumetso e ntle ho barali ba hae. (Lik. 21:9) Ka ho tšoanang, batsoali ba Bakreste bao bophelo ba bona bo likolohang linthong tse amanang le ’Muso, ba khothalletsa bana ba bona ho etsa se tšoanang. Le hoja e ka ’na eaba o khathetse ka mor’a beke eo ho eona a neng a phathahane, motsoali ea pakelang ba bang ka cheseho a ka ba le tšusumetso e sa lebaleheng pelong ea ngoana.—Liprov. 22:6.
6 Filipi o ile a bontša kamohelo e mofuthu ea baeti ho Pauluse le Luka, Bakreste ba chesehang ba neng ba sebetsa ka thata tšebeletsong ea Jehova. (Lik. 21:8, 10) Re ka bontša joang hore re ananela le ho tšehetsa ba chesehang kajeno? Mohlomong re ka ithaopela ho sebetsa hammoho le pula-maliboho hoseng kapa thapama letsatsing leo ho se nang batho ba bangata ba kopanelang tšebeletsong. (Bafil. 2:4) Re ka boela ra ba memela malapeng a rōna bakeng sa botsoalle bo hahang. Ho sa tsotellehe maemo a rōna, e se eka kaofela ha rōna re ka leka ka matla ho bonahatsa moea oa bopula-maliboho.
[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]
1. U ka hlalosa moea oa bopula-maliboho joang?
2. Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba ka etsisa cheseho ea Filipi joang tšebeletsong?
3. Re ka bonahatsa moea oa bopula-maliboho joang ha re le har’a liteko?
4. Joaloka mosuoe, Filipi o behile mohlala ofe?
5. Batsoali ba Bakreste ba ka thusoa ke eng ho kenya moea oa bopula-maliboho baneng ba bona?
6. Re ka bontša joang hore re ananela bo-pula-maliboho phuthehong ea rōna?