Karolo ea 9: Ho Hlomella Liithuti ho Paka ka Mokhoa o sa Reroang
Ho Khanna Lithuto Tsa Bibele Tse Tsoelang Pele
1 Ha Andrease le Filipi ba hlokomela hore Jesu ke Mesia ea tšepisitsoeng, ha baa ka ba tsilatsila ho bolella ba bang litaba tseo tse hlasimollang. (Joh. 1:40-45) Ka ho tšoanang, kajeno ha liithuti tsa Bibele li qala ho bontša tumelo ho seo li ithutang sona, li susumelletseha hore li bue ka sona. (2 Bakor. 4:13) Re ka li khothalletsa joang hore li pake ka mokhoa o sa reroang le ho li hlomella hore li atlehe ha li etsa joalo?
2 U ka ’na ua botsa seithuti feela hore na se buile le ba bang ka seo se ithutileng sona Bibeleng. Mohlomong ho na le metsoalle ea sona kapa beng ka sona bao se ka ba memang hore ba be teng thutong. Se botse hore na ho na leha e le bafe ba bontšitseng thahasello bao se sebetsang le bona, bao se kenang sekolo le bona kapa batho ba bang bao se ba tloaetseng. Ka tsela ena se ka qala ho fana ka bopaki. Se thuse ho utloisisa hore ho hlokahala se be masene le ho bontša tlhompho le ho ba mosa ha se buisana le ba bang ka Jehova Molimo le merero ea hae.—Bakol. 4:6; 2 Tim. 2:24, 25.
3 Ho Bolella ba Bang Seo li se Lumelang: Ke habohlokoa haholo ho koetlisa liithuti tsa Bibele hore li sebelise Lentsoe la Molimo ha li bolella ba bang seo li se lumelang. Ha le fihla lintlheng tse itseng nakong ea thuto, botsa seithuti u re: “U ne u tla sebelisa Bibele joang ho hlalosetsa beng ka uena ’nete ee?” kapa “U ne u tla sebelisa temana efe ea Bibele ho paka taba ee ho motsoalle oa hao?” Hlokomela kamoo se arabelang kateng, ’me u se bontše kamoo se ka tšehetsang ho ruta ha sona ka Mangolo. (2 Tim. 2:15) Ka ho etsa joalo, u tla be u hlomella seithuti ho paka ka mokhoa o sa reroang le ho bolela ka mokhoa o hlophisitsoeng le phutheho, ha se se se tšoaneleha.
4 Ke ho bontša bohlale ho hlomella liithuti tsa Bibele hore li tobane le khanyetso. (Mat. 10:36; Luka 8:13; 2 Tim. 3:12) Ha ba bang ba botsa ka Lipaki Tsa Jehova kapa ba bua ho itseng ka tsona, sena se ka ’na sa fa liithuti monyetla oa hore li pake. Bukana ea Lipaki Tsa Jehova—Ke Bo-mang? Li Lumela Eng? e ka li hlomella hore li lule li “loketse ho ikarabella.” (1 Pet. 3:15) E fana ka boitsebiso bo nepahetseng boo ba bacha ’neteng ba ka bo sebelisang ho thusa litho tsa malapa a bona le metsoalle e amehileng ka bona hore e utloisise litumelo le mesebetsi ea rōna e thehiloeng Bibeleng.