Kemiso ea Lelapa—Thuto ea Lelapa
1 Mpho e khōlō ka ho fetisisa eo u ka e fang bana ba hao joaloka motsoali oa Mokreste ke lerato la hao ho Jehova. Nako ea bohlokoa eo sena se ka etsoang ka eona ke “ha u lutse ka tlung ea hao” u etsa thuto ea lelapa ea Bibele ea beke le beke. (Deut. 6:5-7) Ebang u na le molekane ea lumetseng, u phela lelapeng le arohaneng ka bolumeli kapa u motsoali ea se nang molekane, u ka thusa bana ba hao hore ba atamele ho uena le ho Jehova ka ho tšoara thuto ea lelapa kamehla.
2 Ho Qalisa Thuto ea Lelapa: Bohato ba pele ke hore le tloaele ho ithuta le le lelapa. Haeba le sa tsebe hore na le ka tšoara thuto neng, ke hobane’ng ha le sa buisane ka taba ee le le lelapa? (Liprov. 15:22) Haeba u na le bana ba banyenyane, u ka ’na ua rata ho ithuta hakhutšoanyane empa e le ka makhetlo a ’maloa ho pholletsa le beke. Etsa qeto ea hore na ke kemiso efe e loketseng lelapa la hao hantle. Beha nako e tobileng bakeng sa thuto kemisong ea hao ea lelapa, ’me u ikemisetse ho e khomarela.
3 Ke’ng seo le ka ithutang sona? Ba bang ba lokisetsa thuto e tla tšohloa sebokeng se latelang sa Thuto ea Buka ea Phutheho kapa sa Thuto ea Molula-Qhooa. Ba bang ba ithuta boitsebiso bo reretsoeng bacha ka ho khetheha. Ntate e mong ea nang le mora le morali ba banyenyane o ile a re: “Ntho e thabisang bana ka ho fetisisa thutong ea rōna ea beke le beke ke hore re etsa tšoantšiso ka lipono tse hlahang Bukeng ea ka ea Lipale tsa Bibele. Tsela eo ba susumetsoang le ho utloisisa ka eona ke ea bohlokoa ho feta hore na re akaretsa lirapa tse kae.”
4 Ithuteng Beke le Beke: Thuto ea lelapa e lokela ho tšoaroa kamehla ’me bohle ka lapeng ba e lebelle ka thabo. Ho tenyetseha ho itseng hoa hlokahala mabapi le letsatsi le nako ea thuto e le hore ho ka sebetsanoa le maemo a tšohanyetso. Hape ho ka ’na ha hlaha maemo ao ho hlokahalang hore ho fetoloe taba e ithutoang. Empa phetoho leha e le efe eo ho hlokahalang hore e etsoe ha ea lokela ho sitisa kemiso e tsitsitseng ea thuto ea lelapa ka nako e telele. Lelapeng le leng, morali o re: “Haeba nako ea thuto ea rōna e lokela ho fetoloa, kamehla Ntate o beha nako e ncha lemating la sehatsetsi e le hore kaofela ha rōna re tsebe hore na thuto e se e tla ba neng.” Boiteko bo joalo ba ho tšoara thuto ea lelapa kamehla bo babatseha hakaakang! Ha u ntse u tsoela pele ho hōlisa bana ba hao “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova,” u bontša hore ua ba rata ebile u rata Ntate oa rōna oa leholimo.—Baef. 6:4.