Ho Finyella Batho ba Bangata Kamoo ho ka Khonehang
1. Bakreste ba pele ba ile ba etsa eng hore ba finyelle batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ka litaba tse molemo?
1 Balateli ba Jesu ba pele ba ile ba ikitlaeletsa ho hasa molaetsa oa ’Muso. Ba ile ba sebelisa mekhoa e atlehang ho etsa hore litaba tse molemo li finyelle ho batho ba bangata kamoo ho ka khonehang. Bangoli ba Bibele ba Bakreste ba ile ba ngola libuka tsa bona tse bululetsoeng ka Segerike se tloaelehileng, seo e neng e le puo ea machaba ’Musong oa Roma. Ho feta moo, e ka ’na eaba baboleli ba chesehang ba lekholong la pele le la bobeli la lilemo C.E. ho ea pele ke bona ba ileng ba qala ho sebelisa codex, eo ho neng ho le bonolo haholoanyane ho e sebelisa ho feta meqolo ha ho shejoa litšupiso.
2, 3. (a) Esaia 60:16 e phethahala joang mehleng ea kajeno? (b) Ho sebelisoa theknoloji joang ho ntšetsa pele borapeli bo hloekileng?
2 Ho Sebelisa Theknoloji: A sebelisa moprofeta Esaia, Jehova o ile a bolela esale pele a re: “U tla anya lebese la lichaba.” (Esa. 60:16) Phethahatsong ea kajeno ea boprofeta bona, bahlanka ba Jehova ba sebelisa matlotlo a bohlokoa a tsoang lichabeng hore ba ntšetse pele mosebetsi oa ho bolela. Ka mohlala, ka 1914, lilemo tse ngata pele khoebo ea libaesekopo tse nang le mantsoe e atleha, Liithuti Tsa Bibele li ile tsa qala ho bontša “Photo-Drama of Creation.” Baesekopo ena e nkang lihora tse robeli e tsamaeang le li-slide, e mebala-bala le e nang le mantsoe, e ile ea fana ka bopaki bo matla ho batho ba limilione.
3 Kajeno, batho ba Molimo ba sebelisa mechine e hatisang ka lebelo le phahameng le mechine e laoloang ka k’homphieutha hore ba hatise Libibele le lingoliloeng tsa Bibele ka lipuo tse makholo. Mekhoa ea ho tsamaisa thepa ka potlako e fihlisa lingoliloeng tsa Bibele likarolong tse hōle tsa lefatše, li finyella ho batho linaheng tse 235. Ka moea oa hae, Jehova o susumelelitse bahlanka ba hae ho sebelisa theknoloji e joalo ka katleho, e le hore ’nete ea Bibele e fumanehe ho batho ba bangata ho feta leha e le neng pele historing.
4. Ba bang ba fetotse maemo joang bophelong hore ba finyelle batho ba eketsehileng ka litaba tse molemo?
4 Ho Tenyetseha le Maemo: Barapeli ba ’nete ba boetse ba susumelelitsoe ho tenyetseha le maemo e le hore ba finyelle batho ba eketsehileng ka litaba tse molemo. Ba bangata ba nolofalitse bophelo ba bona e le hore ba kopanele ka botlalo mosebetsing oa ho bolela. Ba bang ba falletse moo ho nang le tlhokahalo e khōlō ea baboleli ba ’Muso. Ba bang ba atolositse tšebeletso ea bona ka ho ithuta puo e ’ngoe.
5, 6. U ka etsa’ng ho finyella batho ba bangata kamoo u ka khonang tšimong ea heno?
5 Re ka boela ra finyella batho ba eketsehileng ka litaba tse molemo ka ho bolela nakong eo batho ba leng teng malapeng le libakeng tseo ba fumanehang ho tsona. Haeba hangata batho ha ba eo malapeng motšehare tšimong ea heno, na u ka fetola kemiso ea hao hore u pake motšehare oa mantsiboea? Na ho na le libaka tsa sechaba moo u ka pakang teng? Na u lekile ho paka ka thelefono le ho sebetsa tšimo ea khoebo? Na u batla menyetla ea ho fana ka bopaki bo sa reroang?
6 Re na le tokelo e kaakang ea ho fana ka bopaki bo boholo lebitsong la Jehova le ’Musong oa hae! E se eka re ka tsoela pele ho bolella batho ba bangata kamoo re ka khonang ’nete e fanang ka bophelo e Lentsoeng la Molimo.—Mat. 28:19, 20.