Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/05 leq. 4
  • Seo re se Finyellang Tšebeletsong ea Rōna

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Seo re se Finyellang Tšebeletsong ea Rōna
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U Sebeletsa Molimo ka Botlalo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Ho Ipoloka re Tšoarehile Tšebeletsong ea Jehova
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Tsoelang Pele Le Bolela ka ’Muso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Bolelang Litaba Tse Molemo ka Cheseho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
km 11/05 leq. 4

Seo re se Finyellang Tšebeletsong ea Rōna

1. Jehova o talima tšebeletso ea rōna joang, hona batho ba arabela joang?

1 Lentsoe la Molimo le bolela hore Bakreste ba hatela pele ka tlhōlo tšebeletsong ea Jehova, joalokaha eka ba mokolokong oa tlhōlo. (2 Bakor. 2:14-16) Ha re ntse re phatlalatsa tsebo ea Molimo, tšebeletso ea rōna e tšoana le libano tse khahlisang Jehova. Batho ba bang ba hoheloa ke monate oa litaba tse molemo; ba bang ba hana ho li mamela. Empa ho se mamele ha batho ba bangata ha ho bolele hore ha re atlehe mosebetsing oa rōna. Nahana ka seo re se finyellang tšebeletsong ea rōna.

2. Tšebeletso ea rōna e re nolofalletsa ho bontša eng?

2 Ho Tlotlisa Jehova: Satane o pheha khang ka hore batho ba sebeletsa Jehova ka mabaka a boithati. (Jobo 1:9-11) Tšebeletso ea Bokreste e re fa monyetla oa ho bontša hore re inehetse ho Molimo ka pelo eohle. Bahoeletsi ba bangata ba tsoela pele ho mamela taelo ea ho bolela le ho etsa barutuoa ho sa tsotellehe mathata a bona le ho iphapanya ha batho ka kakaretso. Ho mamella ka botšepehi joalo ho thabisa pelo ea Jehova hakaakang!—Liprov. 27:11.

3. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hakaale hore re tsoele pele ho phatlalatsa lebitso la Molimo le morero oa hae?

3 Ho ekelletsa moo, ka tšebeletso ea rōna re phetha karolo e itseng ho phethahaleng ha morero oa Molimo. Ha Jehova a bua ka timetso e tlang ea lefatše la Satane, o re: “Lichaba li tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.” (Ezek. 39:7) E le hore lichaba li ka tseba sena, ho hlokahala hore bahlanka ba Molimo ba tsoele pele ho bolela lebitso la hae le merero ea hae ho “sechaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng le batho ba bang le ba bang.”—Tšen. 14:6, 7.

4. Mosebetsi oa ho bolela o sebeletsa e le motheo oa kahlolo joang?

4 Motheo oa Kahlolo: Ho boleloa ha litaba tse molemo ho boetse ho sebeletsa e le motheo oa kahlolo. Moapostola Pauluse o ile a re Kreste Jesu o tla tlisa phetetso holim’a “ba sa tsebeng Molimo le ba sa mameleng litaba tse molemo tse mabapi le Morena oa rōna Jesu.” (2 Bathes. 1:8, 9) Batho ba tla ahloloa ho latela tsela eo ba arabelang ka eona litabeng tse molemo. Sena se jarisa bahlanka ba Molimo boikarabelo bo tebileng hakaakang! E le hore re qobe ho ba molato oa mali, ha rea lokela ho tsilatsila ho phatlalatsa molaetsa oa ’Muso o pholosang bophelo.—Lik. 20:26, 27.

5. Mosa oa Molimo o bonahatsoa joang tšebeletsong ea rōna?

5 Boiteko ba rōna bo sa khaotseng ba ho thusa baahelani ba rōna hore ba amoheloe ke Molimo ke pontšo ea mosa oa Jehova. (1 Tim. 2:3, 4) Kaha rea tseba hore maemo a bophelo ba batho a lula a fetoha, re ba etela khafetsa ’me re ba khothalletsa ho batla Jehova nako e sa le teng. Ka ho etsa joalo, re bonahatsa “qenehelo e bonolo ea Molimo oa rōna” ea ‘sa lakatseng hore leha e le mang a timetsoe empa a lakatsa hore bohle ba fihle pakong.’—Luka 1:78; 2 Pet. 3:9.

6. Ho lula re le maphathaphathe tšebeletsong ea Jehova ho re ruisa molemo joang?

6 Ho Itsoela Molemo: Ho ba maphathaphathe tšebeletsong ea Jehova hoa re sireletsa. Ho re thusa hore re lule re “hopola ho ba teng ha letsatsi la Jehova” ’me re qobe ho silafatsoa ke tsamaiso ea lintho e khopo ea hona joale. (2 Pet. 3:11-14; Tite 2:11, 12) Ka lebaka leo, e se eka re ka ba “ba tiileng, ba sa sutheng, kamehla re e-na le ho hongata hoo re ka ho etsang mosebetsing oa Morena,” re tseba hore mosebetsi oa rōna hase oa lefeela tšebeletsong ea Bokreste.—1 Bakor. 15:58.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela