Ho Ipoloka re Tšoarehile Tšebeletsong ea Jehova
1 Ruri ke tokelo hore re sebeletse Jehova. Kaha re fumane tsebo e nepahetseng ka eena le Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, Jesu, re susumetsoa ke lerato hore re ikitlaetse ka botlalo ho etseng thato ea Hae. (Joh. 17:3) Re ka ’na ra khathala, empa Jehova o re fa matla e le hore re ka tlala matla a maholo.—Esa. 40:29.
2 Re ka bontša kananelo ea rōna hamolemo joang bakeng sa lerato le leholo leo Jehova Molimo le Jesu Kreste ba re bontšitseng lona? (2 Ba-Kor. 5:14, 15) Tsela e ka sehloohong ke ka ho etsisa Jesu, ea ileng a pakela lebitso la Ntate oa hae le ’Muso oa hae a sa khathale. (1 Pet. 2:21) Haeba re na le tumelo e matla, bophelo ba rōna bo tla likoloha mosebetsing o fanoeng ke Molimo oa ho bolela litaba tse molemo.—Matt. 24:14.
3 Na ho na le nako e lekanyelitsoeng eo re lokelang ho e qeta tšebeletsong ea tšimo? Maemo aa fapana. Re ka ’na ra sitisoa ke ho hōla, ho fokolloa ke bophelo, kapa boikarabelo ba lelapa. Leha ho le joalo, ho hlokahala hore bohle re kopanele ka pelo eohle tšebeletsong ea rōna ho Jehova. Sena se bolela hore ka bomong re lokela ho bonahatsa botebo le ho hloka boikaketsi ha boinehelo ba rōna ka ho ikitlaetsa tšebeletsong. (2 Tim. 2:15) E mong le e mong oa rōna o bulehetsoe ke menyetla e itseng ho latela maemo a rōna ka bomong. E meng ea eona ke efe?
4 Litsela tsa ho Atolosa Tšebeletso ea Rōna: Tabeng ea pele re tlameha ho thahasella ho ntlafatsa boleng ba tšebeletso ea rōna. Sena se ka etsoa ka ho hōlisa tsebo e eketsehileng joaloka tichere. E ’ngoe ea lipakane tse khōlō tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ke ho re thusa ho ba ba atlehang haholoanyane tšebeletsong ea tšimo. Na re nahanela tšebeletso ea tšimo ha re lokisetsa likabelo tsa rōna? Na re sebelisa keletso eo re e fuoang e le hore re ka ntlafatsa tšebeletso ea rōna ea botho? (sgSU leq. 96-9) Ka ho tšoanang, ho fanoa ka litlhahiso tse ngata Sebokeng sa Tšebeletso tse ka sebelisoang tšebeletsong ea tšimo. A re li sebeliseng kapele kamoo ho ka khonehang.
5 Joale, nahana ka monyetla oa ho fetola maemo a hao e le hore u ka kopanela mosebetsing oa bopula-maliboho bo thusang kapa ba ka mehla. Ka sebele ho etsa joalo ho tla u boloka u tšoarehile tšebeletsong ea Ntate oa rōna, Jehova. (1 Ba-Kor. 15:58) Ho thoe’ng haeba u sa khone ho ba pula-maliboho? U ka bontša moea oa bopula-maliboho ka ho hlaolela lerato la sebele bakeng sa tšebeletso le kameho e tebileng ka batho ba leng tšimong. U ka boetse ua sebelisa monyetla o mong le o mong ho thusa batho ba tšepahalang hore ba tsebe Jehova le merero ea hae e hlollang ka ho etsa maeto a ho boela le ka ho khanna lithuto tsa Bibele.
6 Ho arabela pitso ea ho sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane e ka boetse ea ba karolo ea khatelo-pele ea rōna. (Esa. 6:8) Ka sebele ba ileng ba fallela phuthehong e neng e hloka thuso sehlopheng sa bahlanka kapa e hloka thuso ea ho akaretsa tšimo ea eona ba kotutse mahlohonolo a mangata.
7 Ha re ne re qala ho ithuta ’nete, lerato ho Jehova le Kreste Jesu le ile la re susumelletsa ho etsa liphetoho tse khōlō bophelong ba rōna. Hona joale, ha kananelo ea rōna bakeng sa kamano ea rōna le Ntate oa rōna oa leholimo le bakeng sa seo Mora oa hae a re etselitseng sona e hōla, na ho na le liphetoho tse ling tseo ho hlokahalang hore re li etse ho atolosa tšebeletso ea rōna? Kaofela ha rōna a re ikitlaetseng ka ho ipoloka re tšoarehile tšebeletsong ea Jehova.—Ba-Roma 12:11.