Atolosa Letlotlo la Hao la Tšebeletso ea ’Muso
1 Jesu o ile a tšoantša tšepo ea ’Muso le letlotlo la bohlokoahali. (Matt. 13:44-46) Na re tšoana le banna ba leng lipapisong tsa Jesu ba ileng ba rekisa thepa eohle ea bona hore ba reke ho hong habohlokoa haholoanyane? Haeba ho joalo, re tla nka ’Muso oa Molimo e le ntho e tlang pele, le hoja ho ka baka tšitiso le ho itima lintho tse itseng.—Matt. 6:19-22.
2 Kaha tšebeletso ea rōna ea ’Muso ke letlotlo, takatso ea rōna e lokela ho ba ho e atolosa. Tsela ea rōna ea botho bophelong e bontša eng? Na re atolosa mosebetsi oa rōna oa ’Muso? Re ka etsa sena ka ho kopanela litšobotsing tse sa tšoaneng tsa tšebeletso, ho akarelletsa mosebetsi oa ntlo le ntlo, ho etsa maeto a ho boela, ho khanna lithuto tsa Bibele, le ho paka ka mokhoa o sa reroang.
3 ‘Nka Atolosa Karolo ea Ka Joang?’ Ha selemo se secha sa tšebeletso se qala, ho hotle hore e mong le e mong oa rōna a hlahlobe mosebetsi oa hae oa botho ho bona seo a ka se etsang ho eketsa nako eo a e qetang tšebeletsong ea tšimo ebe oa ipotsa: ‘Na nka hlophisa litaba tsa ka e le hore nka ngolisetsa bopula-maliboho bo thusang nako le nako kapa esita le ho bo etsa ke sa khaotse? Ka ho etsa litokiso tse seng kae, na nka kenela tšebeletso ea bopula-maliboho ba kamehla?’ Bo-pula-maliboho ba bacha ba ngolisang ka la 1 September baa tšoaneleha ho ba Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho selemong se tlang.
4 Bahoeletsi ba bang ba ipehetse pakane ea botho ea ho etsa bopaki bo eketsehileng bo sa reroang. Hangata mosebetsi ona o beha litholoana tse ntle haholo. Ba bang ba ka ’na ba fumana ho hlokahala hore ba ntlafatse tabeng ea ho etsa maeto a ho boela a atlehang kapa ho qalisa lithuto tsa Bibele.
5 Haeba re etsa qeto ea hore ka tsela e itseng tšebeletso ea rōna e lekanyelitsoe, re ka etsa’ng ho e atolosa? Ba finyeletseng lipakane tse phahameng haholoanyane ka katleho ba buella hore pele re tlameha ho ikemisetsa ho beha lithahasello tsa ’Muso pele ho sa tsotellehe se etsahalang. (Matt. 6:33) Ho hlokahala tumelo le ho itšetleha ka ho feletseng ka Jehova. (2 Ba-Kor. 4:7) Batla thuso ea hae ka thapelo e tiileng le e phehellang. (Luka 11:8, 9) Re ka kholiseha hore Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba rōna bo tiileng ba ho eketsa karolo ea rōna tšebeletsong ea hae.—1 Joh. 5:14.
6 Bua le baena ba bang le bo-khaitseli ba atolositseng tšebeletso ea bona ka katleho. Ba botse hore na ba khonne joang ho hlōla litšitiso ntle le hore ba nyahame. Liphihlelo tsa bona tsa botho e ka ba sona se hlokahalang ho u kholisa hore tšebeletso e atolositsoeng ke ntho e ka fumanehang.
7 Ha u bala lihlooho ho Molula-Qhooa kapa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso tse buang ka tšebeletso ea tšimo, ka thapelo nahanela kamoo u ka sebelisang litlhahiso tse fanoeng tšebeletsong ea hao. Etsa se tšoanang ha u le libokeng tsa phutheho kapa likopanong. Litlhahiso tse fanoeng sehloohong sena li thehiloe puisanong eo e neng e le karolo ea lenaneo la kopano ea potoloho selemong se fetileng. Ke sa pele letotong la lihlooho tse etselitsoeng ho re thusa ho ea pele le ho sebelisa khothatso e fanoeng ke lenaneo leo.
8 Jesu o ile a nka tšebeletso ea hae ka botebo, a amehile ka eona haholo-holo. O itse: “Sejo sa ka ke ho etsa thato ea ea nthomileng.” (Joh. 4:34) Na re ikutloa ka tsela e tšoanang? Haeba ho joalo, ka sebele re tla fumana litsela tsa ho atolosa mosebetsi oa rōna ’me re arolelane “lintho tse molemo” le ba bang ho tsoa polokelong ea letlotlo la rōna.—Matt. 12:35; Luka 6:45.