Na U Batla ho Etsa ho Eketsehileng?
1 Jesu o ile a tšoantša ’Muso le letlotlo la bohlokoahali. (Mat. 13:44-46) Mosebetsi oa ho hasa litaba tsa ’Muso le oona ke letlotlo la bohlokoa. Tšebeletso ena e lokela ho nka sebaka sa pele bophelong ba rōna, esita le haeba ho kopanela ka botlalo ho eona ho akarelletsa ho itatola. (Mat. 6:19-21) Na u batla ho etsa ho eketsehileng tšebeletsong ea ’Muso?
2 Nahana ka Lintho Tsena Tse Hlokahalang: Ho hlokahala lintho tse ’maloa e le hore re ka atolosa ho ba ha rōna le karolo tšebeletsong: (1) ho ikemisetsa ho beha lithahasello tsa ’Muso pele bophelong (Mat. 6:33); (2) ho ba le tumelo le ho itšetleha ka Jehova (2 Bakor. 4:1, 7); (3) ho batla thuso ea Molimo ka thapelo e tiileng le e phehellang (Luka 11:8-10); (4) ho latella le ho sebetsa tumellanong le lithapelo tsa rōna.—Jak. 2:14, 17.
3 Litsela Tsa ho Atolosa Tšebeletso ea Rōna: Kaofela ha rōna re ka ipehela lipakane tsa motheo tsa hore kamehla re qete nako e itseng tšebeletsong khoeli e ’ngoe le e ’ngoe. Empa na u kile ua nahana ka ho sebelisa monyetla o mong le o mong bakeng sa ho paka ka tsela e sa reroang, ho loanela hore linehelano tsa hao li be le morero haholoanyane, ho eketsa ho atleha ha maeto a hao a ho boela, le ho ikemisetsa ho khanna lithuto tsa lehae tsa Bibele tse tsoelang pele? Na u ka khona ho sebetsa u le pula-maliboho ea thusang kapa oa kamehla kapa ho sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane? Haeba u mor’abo rōna ea kolobelitsoeng, na u ka hahamalla ho tšoanelehela ho ba mohlanka ea sebeletsang kapa moholo? (1 Tim. 3:1, 10) Na u ka atolosa tšebeletso ea hao ka ho etsa kōpo ea tšebeletso ea Bethele, Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi, kapa koetliso ea boromuoa Sekolong sa Gileade?—Luka 10:2.
4 Mora e mong oabo rōna ea neng a sebetsa nako e tletseng ’me a qeta nako e ngata lipapaling o ile a khothalletsoa ho ba pula-maliboho oa kamehla. O ile a qala ka ho ba pula-maliboho ea thusang, eaba o lokisa maemo a hae hore a kenele tšebeletso ea nako e tletseng. Hamorao o ile a ea Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi, e leng ho ileng ha mo lokisetsa kabelo ea hae ea hona joale ea ho ba molebeli oa potoloho. O thabile haholo hore ebe o ile a arabela khothatsong eo a e filoeng, ’me o kholisehile hore o thabile haholoanyane ka lebaka la qeto ea hae ea ho etsa ho eketsehileng tšebeletsong ea ’Muso.
5 Jehova o hlohonolofatsa ba iketsang ba fumanehang. (Esa. 6:8) U se ke ua lumella letho hore le u thibele ho atolosa tšebeletso ea hao e tla etsa hore u thabele khotsofalo e khōloanyane le khatholoho.