Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/05 leq. 4
  • Tsela ea ho Buella Limakasine

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsela ea ho Buella Limakasine
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
km 11/05 leq. 4

Tsela ea ho Buella Limakasine

Molula-Qhooa Nov. 15

“Batho ba bangata ba ipotsa hore na ke hobane’ng ha mathata a hateletseng moloko oa batho a ntse a tota. Temana ena e fana ka lebaka. Na u ka thabela ho utloa hore na e re’ng? [Bala Tšenolo 12:9. Ebe ua botsa: ‘Na u hlokometse lebaka? Emela karabo.] Makasine ena e tšohla maqheka a Diabolose a ho khelosa batho le kamoo re ka hanelang tšusumetso ea hae kateng.”

Molula-Qhooa Dec. 1

“Ha batho ba utloa lentsoe ‘Armagedone,’ ba bangata ba nahana ka timetso e tšabehang e etsang mofela. [Mo bontše lebokose le leqepheng la 3.] Na u ne u tla makala ha u hlokomela hore ha e le hantle Armagedone ke e ’ngoe ea lintho tse molemohali tse ka re etsahallang? [Emela karabo.] Makasine ena e bolela lebaka.” Bala 2 Petrose 3:13.

Tsoha! Dec. 8

“Le hoja ho hlahisoa lijo tse ka fepang motho e mong le e mong lefatšeng, batho ba ka bang limilione tse 800 ba haelloa ke phepo e ntle. Na seo ha se utloise bohloko? [Emela karabo.] Makasine ena e tšohla phephetso e ntseng e hōla ea ho fepa batho ba metse e meholo. Hape e tšohla tšepiso ea Bibele ea lefatše le se nang tlala.” Bala Pesaleme ea 72:16a.

Nehelano e ’ngoe: “Ke rata ho u bolella ka nako ea ha motho e mong le e mong a tla ba le sebaka sa bolulo se loketseng. Na ha ho utloise bohloko hore ebe batho ba bangata ha ba na mahae? [Emela karabo. Ebe u bala Esaia 65:21, 22.] Makasine ena e tšohla lisosa tsa ho hloka mahae. E boetse e hlalosa kamoo Molimo a tla phethahatsa tšepiso eo re sa tsoa bala ka eona.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela