Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa Nov. 15
“Ka lebaka la bobolu bo jeleng setsi lefatšeng, batho ba bang ba ipotsa potso ena, ‘Ke hobane’ng ha ke lokela ho loana ka matla hakaale hore ke etse se nepahetseng?’ Na u kile ua ikutloa ka tsela eo? [Emela karabo.] Hlokomela mantsoe ana a khothatsang. [Bala Liproverbia 2:21, 22.] Makasine ena e hlalosa lebaka la bohlokoa ka ho fetisisa la hore re tšepahale.”
Tsoha! Nov.
“Batho ba bang ba lumela hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahalang e bakoa ke Molimo. Ha ho hlaha tlokotsi, ba re e tlameha ebe Molimo o ne a e-na le lebaka le utloahalang la ho e baka. U ikutloa joang ka taba ee? [Emela karabo. Ebe u bala Jakobo 1:13.] Makasine ena e hlalosa seo Bibele e se buang ka sesosa sa mahlomola le seo Molimo a ntseng a se etsa hore a a felise.”
Molula-Qhooa Dec. 1
“Na u nahana hore boprofeta boo ba Bibele boa phethahala kajeno? [Bala Matheu 24:11. Ebe u emela karabo.] Makasine ena e tšohla lithuto tse ling tse atileng. Hape e bontša kamoo re ka qobang ho khelosoa ke mesuoe ea bohata kateng.”
Tsoha! Dec.
“Ke mang eo u neng u ka re ke motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela? [Emela karabo.] Batho ba bangata ba nka hore Jesu ke motho e moholo ka ho fetisisa. Hlokomela seo a tla se etsa lefatšeng joaloka ’Musi ’Musong oa Molimo. [Mo bontše setšoantšo se leqepheng la 8-9, ebe u bala le leng la mangolo a bontšitsoeng.] Makasine ena e bontša hore na Jesu o tla finyella sena joang hona neng.”