Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/07 leq. 4
  • Tsela ea ho Buella Limakasine

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsela ea ho Buella Limakasine
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
km 11/07 leq. 4

Tsela ea ho Buella Limakasine

Molula-Qhooa Nov. 15

“Kaofela ha rōna re batla ho phela re thabile, re bile re e-na le morero bophelong. Na u lumellana le seo Jesu a se boletseng mona mabapi le hore na ke sefe seo motho a lokelang ho se etsa hore a fumane thabo? [Bala Matheu 5:3. Ebe u emela karabo.] Makasine ena e hlalosa kamoo ho khotsofatsa tlhoko ea rōna ea motheo ea ho rapela Molimo eo re bōpeletsoeng le eona, ho etsang hore bophelo ba rōna bo be le morero.”

Tshoa! Nov.

“Mehleng ena ea rōna ea saense le eo ho eona batho ba nang le lipelaelo, batho ba bangata ba nahana hore Bibele e siiloe ke nako. Uena u re’ng ka seo? [Emela karabo.] Na u ne u tseba hore taba e ’ngoe le e ’ngoe eo Bibele e e buang ka saense e nepahetse? [Bala Jobo 26:7.] Tsoha! ena e khethehileng e fana ka mabaka a matla a hore na ke hobane’ng ha Bibele e ka tšeptjoa.”

Molula-Qhooa Dec. 1

“U ne u ka araba potso ee joang? [Bala potso e sekoahelong. Ebe u emela karabo.] Molimo o rerile ho momahanya moloko oa batho. [Bala Pesaleme ea 46:8, 9.] Makasine ena e bontša seo Bibele e se buang mabapi le kamoo bonngoe bo tla finyelloa kateng.”

Tshoa! Dec.

“Ba bang ba nahana hore ha motho a e-shoa o fetela bophelong ba ka mor’a lefu; ba bang ba nahana hore ho fella hona moo. Na uena u nahana hore re lokela ho tšaba lefu? [Emela karabo.] Hlokomela hore na Jobo o ile a ikutloa joang ka se neng se tla etsahala ka eena ha a se a shoele. [Bala Jobo 14:14, 15.] Makasine ena e fana ka tlhaloso e hlakileng ea Bibele mabapi le hore na ho etsahala’ng ka rōna ha re e-shoa.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela