Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/02 leq. 8
  • Tsela ea ho Buella Limakasine

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsela ea ho Buella Limakasine
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
km 11/02 leq. 8

Tsela ea ho Buella Limakasine

Molula-Qhooa Nov. 8

“Ntle ho pelaelo u hlokometse hore seoa sa AIDS se aparetse lefatše lohle. Na u ne u tseba hore morao tjee Afrika Boroa e thefutsoe ke seoa see? Ke rata ho buisana le uena ka seo Molimo a tla se etsa ho rarolla bothata bona. [Bala Tšenolo 21:4, 5.] Tokollo ena ea Tsoha! e bua ka seoa sena sa AIDS le seo Molimo a tla se etsa ho felisa AIDS le maloetse a mang esita le mathata a mang kaofela lefatšeng.”

Molula-Qhooa Nov. 15

“Batho ba bang ba ’nile ba ipotsa hore na ebe re hloka likereke le litempele hore re rapele Molimo. Uena u re’ng? [Emela karabelo.] Hlokomela seo Bibele e se bolelang ka taba ena. [Bala Liketso 17:24.] Joale, morero oa libaka tsa borapeli e lokela ho ba ofe? Makasine ena e fana ka karabo ea Mangolo potsong ena.”

Tsoha! Dec. 1

“Matsatsing ana, e batla e le motho e mong le e mong ea thatafalloang ho fumana lintho tsa ho iphelisa. Likereke le tsona lia ameha, ’me ho kōpa lichelete ho eketsehile ho feta leha e le neng pele. Na seo sea u tšoenya? [Emela karabelo. Ebe u bala 1 Bathesalonika 2:9.] Molula-Qhooa ona o tšohla seo Bibele e se bolelang ka taba ena.”

Tsoha! Dec. 8

“Ka lebaka la litšoso tsa bokhukhuni, batho ba bangata baa ipotsa hore na ebe ho sireletsehile ho tsamaea ka sefofane. Na see sea u tšoenya? [Emela karabelo.] Bibele ea lumela hore ha ho motho ea sa hlaheloeng ke tsietsi. [Bala Moeklesia 9:11.] Leha ho le joalo, tokollo ena ea Tsoha! e bontša seo u ka se etsang hore u sireletsehe haholoanyane le hore u ikutloe u lokolohile ha u tsamaea ka sefofane.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela