Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa Dec. 15
“Batho ba bangata ba amehile ka hore na ebe nako ea phomolo e se e fetohile ea ho etsa khoebo. Na u nahana hore morero oa eona o se o fetohile? [Emela karabo.] Makasine ena e tšohla kamoo litloaelo tsa matsatsi a phomolo li fetohileng kateng ha nako e ntse e ea. E boetse e tšohla hore na re ka bontša joang hore re hlompha Molimo le Kreste e le kannete.” Bala Johanne 17:3.
Molula-Qhooa Jan. 1
“Batho ba na le matla a ho etsa lintho tse ngata tse ntle, empa hangata ba etsa bokhopo bo feteletseng. Na u kile ua ipotsa hore na lebaka ke lefe? [Emela karabo.] Makasine ena e fana ka karabo ea Bibele. E boetse e hlalosa kamoo qetellong botle bo tla hlōla bokhopo kateng.” Bala Baroma 16:20.
Tsoha! Jan.
“Na u ee u ipotse hore na lefatše le tla be le le joang ka mor’a lilemo tse 20 kapa tse 30? [Emela karabo. Ebe u bala Pesaleme ea 119:105.] Bibele e joaloka lebone le re khantšetsang tsela e le hore re ka lemoha hore na bokamoso bo re tšoaretse’ng. Makasine ena e hlahloba boprofeta bo bontšang hore na hona joale re hokae kemisong ea nako le hore na ke hobane’ng ha re ka lebella bokamoso bo khanyang.”