Lengolo le Tsoang Lekaleng
Bahoeletsi ba ’Muso ba Ratehang:
Kopano e khethehileng ea letsatsi le le leng ea puo ea matsoho eo e neng e le lekhetlo la pele e tšoaroa, e ne e tšoaretsoe Holong ea ’Muso ea Bethele ka Sontaha sa la 23 April, 2006. Bahoeletsi ba sa utloeng litsebeng, batho ba thahasellang le batho ba ithutileng puo ea matsoho, ba ile ba tla ba tsoa likarolong tsohle tsa Afrika Boroa hammoho le Mozambique, Namibia le Swaziland, ba tlil’o tšehetsa ketsahalo ena ea bohlokoa. Kaofela ha bona ba ne ba thabetse ho kopana le barab’abo rōna ba tsoang libakeng tse fapa-fapaneng.
Lenaneong la hoseng, ho ne ho e-na le batho ba 626. Tšimo ea puo ea matsoho e hōla hantle haholo ’me hona joale ho na le liphutheho tse tharo tsa puo ea matsoho le lihlopha tse fetang 40 tse tlas’a lekala la Afrika Boroa.
Re tlalehetsoe litaba tse monate mabapi le tsela e lerato eo ho ileng ha thusoa bara le barali babo rōna ba likete ba ileng ba angoa ke maholiotsoana a ileng a puputla Kou-moseneke ea United States ka 2005.—Joh. 13:35.
Bara le barali babo rōna ba fetang 8 000 ba sebetsang Likomiting Tsa Kaho Tsa Libaka tse sa tšoaneng tse 60 ba ile ba tela nako, tsebo le lintho tsa bona tse bonahalang e le hore ba ka ba phallela. Ba ba thusitse ho lokisa kapa ho haha bocha Liholo Tsa ’Muso tse 76 le matlo a 4 178. Ho sa na le mosebetsi o lokelang ho etsoa Liholong Tsa ’Muso tse 5 le matlong a 722. Baithaopi ba ile ba phalla ho tsoa likarolong tsohle tsa United States. Ka sebele re leboha mosebetsi ona oo ba o entseng ka lerato!—1 Bathes. 5:18.
Re kōpa hore le tsoele pele ho rapella bara bana babo rōna ba ratehang kaofela—ba anngoeng ke likoluoa tsena le ba ba phalletseng.—2 Bakor. 1:11.
Barab’abo lōna,
Ofisi ea Lekala ea Afrika Boroa