Etsisa Mosuoe e Moholo ha U Sebelisa Buka ea Seo Bibele e se Rutang
1. Jesu o ne a ruta joang?
1 Kamehla Mosuoe e Moholo, Jesu, o ne a hlalosa lintho ka tsela e bonolo le e hlakileng. Ka linako tse ling o ne a thusa bamameli ba hae ho nahana ka hore a qale ka ho ba botsa lipotso tse fatang maikutlo. (Mat. 17:24-27) O ne a ba thusa hore ba nahane ka Lentsoe la Molimo. (Mat. 26:31; Mar. 7:6) O ne a le hlokolosi hore a se ke a foqa barutuoa ba hae boitsebiso bo bongata haholo, hobane o ne a tseba hore ba tla tsoela pele ho ithuta. (Joh. 16:12) Jesu o ne a boetse a thahasella ho tseba hore na barutuoa ba hae ba lumela seo a ba rutang sona le ho se utloisisa. (Mat. 13:51) Buka ea Seo Bibele e se Rutang e reretsoe ho re thusa ho ruta ka tsela e tšoanang.
2. Re ka sebelisa lipotso tsa selelekela ka litsela life khaolong ka ’ngoe?
2 Lipotso Tsa Selelekela: Ha le qala khaolo e itseng, ho ka ba molemo ho thusa seithuti ho nahana ka lipotso tsa selelekela tse tlas’a sehlooho. Botsa lipotso tseo ka tsela e sa hlokeng karabo ho thusa seithuti ho ba le tabatabelo. Kapa u ka ’na ua kōpa hore se arabe lipotso tseo hakhutšoanyane. Ha ho hlokahale hore u ee lolololo ka likarabo tsa sona kapa ho tšoaea phoso karabo e ’ngoe le e ’ngoe e fosahetseng. U ka ’na ua leboha maikutlo a sona feela ebe le qala ho tšohla boitsebiso. Tsela eo se arabileng lipotso tsa selelekela ka eona e tla u thusa hore u tsebe haeba ho hlokahala hore u se thuse ho hlakeloa ke ntlha e itseng ea thuto.
3. Re ka khanna thuto ka tsela e bonolo joang?
3 Mangolo: Thuto e lokela ho thehoa Mangolong. (Baheb. 4:12) Leha ho le joalo, ha ho hlokahale hore ho baloe lengolo le leng le le leng le bontšitsoeng. Hatisa a bontšang hore litumelo tsa rōna li thehiloe Mangolong. Ho ka ’na ha se hlokahale hore ho baloe mangolo a mpang a fana ka makolopetso. Buka ea Seo Bibele e se Rutang e hlalosa ’nete ka tsela e sa rarahanang. Khanna thuto ka tsela e bonolo. Tšohla haholo lintlha tse ka sehloohong, ’me u qobe mokhoa oa ho bua haholo kapa ho hlahisa boitsebiso bo eketsehileng ho sa hlokahale.
4. Ke tlas’a maemo afe re ka qetang nako e itseng ea thuto re tšohla boitsebiso ba sehlomathiso?
4 Sehlomathiso: Sehlomathiso se na le lihlooho tse 14 tse tšehetsang likhaolo tse khōlō. Hase tlamo hore lihlooho tsena li tšohloe nakong ea thuto. Ha le tšohla lintlha tse itseng, u ka ’na ua khetha ho khothalletsa seithuti hore se ipalle lihlooho tse sehlomathisong, haholo haeba se utloisisa se bile se lumela boitsebiso bo khaolong. Ka mohlala, haeba seithuti se lumela hore Jesu ke Mesia, ho ka ’na ha se hlokahale hore le tšohle sehlooho se reng “Jesu Kreste ke Mesia ea Tšepisitsoeng,” ha le tšohla khaolo ea 4 e reng, “Jesu Kreste ke Mang?” Maemong a mang, ho ka ba molemo hore nakong ea thuto le ke le qete nako le tšohla boitsebiso ba sehlomathiso kapa karolo e itseng ea bona.
5. Haeba re khetha ho tšohla boitsebiso bo hlahang sehlomathisong, re ka bo tšohla joang?
5 Haeba u khetha ho tšohla boitsebiso ba sehlomathiso, u ka ’na ua lokisetsa lipotso esale pele ebe u tšohla lirapa le seithuti feela joalokaha le etsa ha le ithuta boitsebiso bo likhaolong tsa buka. Kapa ho itšetlehile ka hore na seithuti se hloka eng, u ka ’na ua khetha ho qeta metsotso e ’maloa nakong ea thuto le tšohla boitsebiso boo. Seo se tla u thusa ho bona hore na se hlile se utloisisa boitsebiso boo se bo balileng se le seng.
6. Lebokose la tlhahlobo le qetellong ea thuto ka ’ngoe le ka sebelisoa joang?
6 Lebokose la Tlhahlobo: Lebokose le qetellong ea khaolo ka ’ngoe le na le lipolelo tseo hangata li arabang lipotso tsa selelekela. U ka sebelisa lipolelo tsena ho hlahloba lintlha-khōlō tsa khaolo. Bahoeletsi ba bang ba fumane ho le molemo hore ba bale polelo ka ’ngoe le seithuti, mohlomong le lengolo le tsamaeang le eona. Ebe ba kōpa seithuti hore se hlalose ka bokhutšoanyane hore na lengolo leo le tiisa polelo eo joang. Sena se bontša mosuoe hore na seithuti se utloisisa ka ho hlakileng lintlha-khōlō tsa thuto eo le tsela eo Bibele e li tšehetsang ka eona le hore na se lumela lintlha tseo kapa che. Seo se boetse se thusa seithuti ho tloaela ho sebelisa Bibele ha se hlalosetsa ba bang ’nete.
7. Re ka sebelisa buka ea Seo Bibele e se Rutang joang ha re phetha mosebetsi oo re o filoeng?
7 Tsela e atlehang ka ho fetisisa ea ho phetha mosebetsi oo re o filoeng oa ho ruta batho le ho etsa barutuoa, ke ho etsisa litsela tseo Jesu a neng a ruta ka tsona. (Mat. 28:19, 20) Buka ea Seo Bibele e se Rutang e ka re thusa ho etsa joalo. E sebelise hantle ha u ruta ba bang ’nete ka tsela e hlakileng, e bonolo le e thahasellisang.