Ha Batho ba le Sieo Lapeng
1. Ho atisa ho ba le bothata bofe ha re le tšebeletsong ea ntlo le ntlo?
1 Libakeng tse ngata ho ea ho ntse ho e-ba thata haholo ho fumana batho lapeng. ‘Linakong tsena tse mahlonoko,’ batho ba bangata ba tlameha ho sebetsa lihora tse ngata e le hore feela ba khone ho iphelisa. (2 Tim. 3:1) Ho ka etsahala hore ba bang ha ba eo lapeng hobane ba ile mabenkeleng kapa boithabisong. Re ka finyella batho bao joang ka litaba tse molemo?
2. Re ka tiisa joang hore matlo ao ho neng ho se na batho ho ’ona a tla sebetsoa?
2 Boloka Litlaleho Tse Ntle: Bohato ba pele ke ho ngola tlaleho ea matlo ao ho se nang batho ho ’ona. Sena ke sa bohlokoa ka ho khethehileng haeba u sebetsa tšimo ea hao khafetsa. Na u ngola lebitso la seterata, nomoro ea tšimo, lebitso la hao le letsatsi? U ka ’na ua siea sekheo sa ho ngola lintlha tse eketsehileng ha uena kapa mohoeletsi e mong a khutlela matlong ao ho neng ho se na batho ho ’ona. Ka mor’a tšebeletso ea ntlo le ntlo, hopola ho fa motho ea tšoereng karete ea tšimo tlaleho kapa lintlha, ntle le haeba a u lumella hore u sebetse matlo ao ho neng ho se na batho ho ’ona. Sebelisa leqephe le leng bakeng sa ho ngola mang kapa mang ea thahasellang eo u tla khutlela ho eena.
3. Litlhahiso tse ling tsa ho finyella ba neng ba le sieo malapeng ke life?
3 Leka ka Nako e ’Ngoe: Mohlomong ba bang ba neng ba le sieo malapeng hobane ba ile mosebetsing, ba ka ’na ba e-ba teng mantsiboea kapa mafelong a beke. Na u ka hlophisa kemiso ea hao e le hore u khutlele ka nako e loketseng haholoanyane? (1 Bakor. 10:24) Haeba u sa khone, u ka ’na ua kōpa mohoeletsi ea ka khonang ho khutlela ka nako e ’ngoe hore a sebetse matlo ao ho neng ho se na batho ho ’ona. Ho seng joalo, u ka ’na ua ngolla ba neng ba le sieo malapeng mangolo kapa ua leka ho ba letsetsa. Bahoeletsi ba fokolloang ke bophelo ’me ba sa khone ho kopanela ka botlalo tšebeletsong ea ntlo le ntlo ba ka ’na ba thabela ho u thusa ntlheng ena.
4. Ke phihlelo efe e totobatsang bohlokoa ba ho khutlela matlong ao ho sa fumanoang batho ho ’ona?
4 Phihlelo e ’ngoe e totobatsa bohlokoa ba ho etsa matsapa a ho buisana le ba neng ba le sieo malapeng. Ka mor’a hore bahoeletsi ba etele ntlo e itseng khafetsa ka lilemo tse tharo, qetellong ba ile ba khona ho buisana le mong’a ntlo. Ho ile ha fumaneha hore ka nako ena eohle o ne a ntse a letetse hore e mong oa Lipaki a mo etele e le hore a boele a ithute Bibele joaloka pele a fallela sebakeng seo.
5. Tšimo e nkoa e qetiloe neng?
5 Qeta Tšimo: Tšimo e nkoa e qetiloe neng? Hangata ke ha ho entsoe matsapa ’ohle a hore ho buisanoe le motho lelapeng le leng le le leng. Mohlomong e ka ba ho loketseng hore matlong ao ho neng ho se na batho ho ’ona, haholo-holo masimong a sa sebetsoeng khafetsa, re siee pampitšana kapa makasine ea khale moo e sa bitseng mahlo a batho ba fetang ka tsela. Tšimo e lokela ho qetoa ka likhoeli tse ’nè. Ebe e khutlisetsoa ho mohlanka oa tšimo e le hore a lokise litlaleho tsa hae.
6. Ke hobane’ng ha re lokela ho leka ho buisana le motho e mong le e mong ea leng tšimong ea rōna ka litaba tse molemo?
6 Re batla hore batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ba be le monyetla oa ho ithuta ho ipiletsa lebitsong la Jehova ’me ba bolokehe. (Bar. 10:13, 14) Batho bana ba akarelletsa bao ho ka etsahalang hore ebe re fumana ba le sieo malapeng a bona ha re etsa tšebeletso ea ntlo le ntlo. Etsisa moapostola Pauluse ka hore u chesehele “ho pakela ka ho phethahetseng litaba tse molemo tsa mosa o sa tšoanelang oa Molimo.”—Lik. 20:24.