Rea Khothatsana Kaofela
1. Maeto a balebeli ba tsamaeang a fana ka menyetla efe e khethehileng?
1 Moapostola Pauluse o ile a ngolla phutheho e Roma a re: “Ke hlolohetsoe ho le bona, e le hore nka le fa mpho e ’ngoe ea moea e le hore le tiisoe; kapa, ho e-na le hoo, e le hore ho ka ba le ho khothatsana har’a lōna, e mong le e mong ka tumelo ea e mong, ea lōna le ea ka.” (Bar. 1:11, 12) Maeto a balebeli ba tsamaeang mehleng ea kajeno a fana ka menyetla e tšoanang ea ho khothatsana.
2. Ke hobane’ng ha ho etsoa tsebiso esale pele ka ketelo ea molebeli oa potoloho?
2 Phutheho: Hangata phutheho e tsebisoa ka ketelo ea molebeli oa potoloho hoo e ka bang likhoeli tse tharo esale pele. Sena se re fa monyetla oa ho hlophisa lintho esale pele e le hore re rue molemo o feletseng ketelong eo. (Baef. 5:15, 16) Haeba ua sebetsa, mohlomong u ka khona ho ikōpa mosebetsing e le hore u tšehetse tšebeletso ea tšimo bekeng ea ketelo. Ba bang ba lokisetsa ho nka bopula-maliboho bo thusang khoeling ea ketelo. Haeba u ne u se u entse litokisetso tsa ho ba sieo ka nako eo, na u ka li fetola e le hore u be teng bekeng eo?
3. Re khothalletsoa ho etsa’ng ka bomong e le hore re fumane khothatso nakong ea ketelo ea molebeli oa potoloho?
3 Morero o ka sehloohong oa ketelo ea molebeli oa potoloho ke ho re khothatsa le ho re koetlisa tšebeletsong ea tšimo. Na u ka kōpa ho sebetsa le eena kapa le mosali oa hae haeba a nyetse? Molebeli oa potoloho o thabela ho sebetsa le bahoeletsi ba fapa-fapaneng, ho akarelletsa le ba nang le phihlelo e fokolang kapa ba se nang bokhoni bo itseng tšebeletsong. Kaofela ha rōna re ka ithuta nehelanong ea hae ea tšebeletso ea tšimo le ho sebelisa litlhahiso leha e le life tseo a ka ’nang a fana ka tsona ka mosa. (1 Bakor. 4:16, 17) Ho mo memela lijong ho tla u bulela monyetla o mong hape oa ho ba le botsoalle bo khothatsang. (Baheb. 13:2) Kaha lipuo tsa hae li lokiselitsoe ka ho khetheha bakeng sa litlhoko tsa phutheho, mamela ka hloko.
4. Re ka khothatsa molebeli oa rōna oa potoloho joang?
4 Molebeli oa Potoloho: Moapostola Pauluse o ne a sa fapana le barab’abo bao a neng a ba etela, kaha le eena o ne a e-na le mathata le matšoenyeho, ’me o ne a hloka khothatso ebile o ne a e ananela. (2 Bakor. 11:26-28) Ha phutheho e Roma e ne e utloa hore e ne e tla eteloa ke Pauluse, eo ka nako eo e neng e le motšoaruoa, ba bang ba ile ba tsamaea lik’hilomithara tse 74 ho ea ’Marakeng oa Apiase ho mo khahlametsa! “Ha Pauluse a re heli! ’me a ba bona, a leboha Molimo ’me a ba sebete.” (Lik. 28:15) Le uena u ka khothatsa molebeli oa lōna oa potoloho. Mo bontše “tlhompho e habeli” ka ho tšehetsa ketelo ea hae ka mafolofolo. (1 Tim. 5:17) Bua le ho bontša hore u hlile u ananela matsapa ao a a etsang molemong oa hao. Eena le mosali oa hae ba tla thaba ha ba bona tumelo, lerato le mamello ea hao.—2 Bathes. 1:3, 4.
5. Ke hobane’ng ha kaofela ha rōna re hloka khothatso kajeno?
5 ‘Mehleng ena eo ho leng thata ho sebetsana le eona,’ ke mang har’a rōna ea sa hlokeng khothatso? (2 Tim. 3:1) Etsa qeto hona joale ea ho kopanela ka botlalo bekeng eo eohle ea tšebeletso e khethehileng le molebeli oa potoloho. Kaofela ha rōna—balebeli ba tsamaeang le bahoeletsi—re ka khothatsana ka thabo. Ka ho etsa joalo re tla be re ‘tsoela pele ho tšelisana le ho hahana.’—1 Bathes. 5:11.