PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Pauluse o ile a Leboha Molimo Eaba o ba Sebete”
Ha phutheho e Roma e utloa hore Pauluse oa tla, barab’abo rona ba itseng ba ile ba tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 64 ho mo khahlametsa. Pauluse o ile a ikutloa joang ha a bona boitelo boo ba bona? “Ha Pauluse a re heli! a ba bona, a leboha Molimo ’me a ba sebete.” (Lik 28:15) Le hoja Pauluse a ne a tsejoa e le motho ea neng a khothatsa liphutheho ha a li chaketse, empa lekhetlong lena ha e ne e le motšoaruoa, o ile a khothatsoa ke liphutheho.—2Ko 13:10.
Mehleng ena balebeli ba potoloho ba etela liphutheho ho ea khothatsa bara le barali babo rona. Joaloka bahlanka ba bang ba Molimo, ka linako tse ling baa khathala, baa tšoenyeha le ho nyahama. Nakong e tlang ha molebeli oa potoloho le mosali oa hae ba etetse phutheho ea heno, u ka etsa’ng ho ba khothatsa kapa ho ba matlafatsa?—Bar 1:11, 12.
E-ba teng libokeng tsa tšebeletso ea tšimo. Molebeli oa potoloho o khothatsoa ke ha bahoeletsi ba itela e le hore ba rue molemo bekeng eo e khethehileng. (1Th 1:2, 3; 2:20) E-ba pula-maliboho ea thusang khoeling eo a etetseng phutheho. Kopa ho sebetsa le eena kapa le mosali oa hae tšimong kapa u tsamaee le e mong oa bona ho ea thutong ea hao ea Bibele. Ba thabela ho sebetsa le bahoeletsi ba fapaneng, ho akarelletsa le ba bacha kapa ba ikutloang eka ha ba na bokhoni ba ho ruta batho ka Molimo.
Amohela baeti. Kopa hore ba fihlele ha hao kapa u ba memele lijong. Ka ho etsa joalo, u tla be u bontša molebeli oa potoloho le mosali oa hae hore oa ba rata. Ha baa lebella lintho tse majabajaba kapa tse mohlolo.—Lu 10:38-42.
Mamela keletso ea hae u be u e sebelise. Molebeli oa potoloho o re thusa ho matlafatsa tšebeletso ea rona ho Jehova. Ka linako tse ling, a ka fana ka khalemelo kapa keletso e matla. (1Ko 5:1-5) Oa thaba ha re mamela ebile re ikokobetsa.—Heb 13:17.
Leboha ho tsoa pelong. Bolella molebeli oa potoloho le mosali oa hae kamoo u ruoang molemo kateng ketelong ea bona. U ka etsa sena ka ho ba bolella kapa oa ba ngolla molaetsa.—Kol 3:15.