U se ke ua Tsila-tsila!
1. Ha re ‘hanele’ ba bang ka se molemo ka tsela efe?
1 Ka ho kopanela ka mafolofolo ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, re bontša hore ha re ‘hanele’ batho ba leng masimong ao re a abetsoeng ka se molemo. (Liprov. 3:27) Molaetsa o molemo ka ho fetisisa oo re ka o bolellang batho ke oa hore maemo a tla ntlafala pusong ea Molimo. Le hoja u ka ’na ua kopanela haholo mosebetsing oa ho bolella ba bang ka tšepo ea ’Muso ka ho paka ka mokhoa o sa reroang kapa ka ho tsamaisa lingoliloeng, ke hobane’ng ha u sa iketsetse pakane ea ho khanna thuto ea Bibele, haeba u e-s’o be le eona?
2. Ke eng e ka ’nang ea etsa hore re tsila-tsile ho qalisa thuto ea Bibele?
2 Ka linako tse ling, e ’ngoe ea lintho tse khōlō ka ho fetisisa tse re sitisang ho khanna thuto ea Bibele ke tsela eo re ikutloang ka eona ka taba ena. Ba bang ba tsila-tsila ho khanna thuto ea Bibele ka lebaka la ho se itšepe kapa ka lebaka la ho ba maphatha-phathe. Litlhahiso tse latelang li ka ’na tsa u thusa hore u se ke ua tsila-tsila ho kopanela mosebetsing ona oa ho ruta Bibele.—Mat. 28:19; Lik. 20:20.
3. Ke hobane’ng ha re tšoaneleha ho ruta Bibele?
3 Ho se Itšepe: Mohlomong ha ua ruteha kapa ka lebaka le itseng ha u itšepe hore u ka khona ho khanna thuto ea Bibele. Basebeletsi ba atlehang ba Bakreste ba lekholong la pele la lilemo e ne e le “batho ba sa rutehang le ba tloaelehileng.” Ba ile ba thusoa ke eng hore ba rute ba bang ’nete? Ba ile ba thusoa ke hore “ba kile ba ba le Jesu.” (Lik. 4:13) Ba ile ba ithuta ho Mosuoe e Moholo, Jesu, eo lithuto le mekhoa eo a neng a e sebelisa e bolokiloeng ka Mangolong molemong oa rōna. Le haeba u sa ruteha, u fumana thuto ka Molimo le merero ea hae, e leng thuto eo ho seng e ka bapisoang le eona.—Esa. 50:4; 2 Bakor. 3:5.
4. Re ka ithuta eng mohlaleng oa Amose?
4 Ka linako tse ling Jehova o ne a sebelisa baprofeta ho khalemela babusi kapa batho ba bang ba boemong bo phahameng ba neng ba etsa liphoso. Ba bang, joaloka Amose, e ne e le batho ba boemo bo tlaase. Amose o ile a lumela: “Ke ne ke se moprofeta, kapa hona hore ke ne ke le mora oa moprofeta; empa ke ne ke le mohlokomeli oa liphoofolo le ea khang lifeiga tsa lifate tsa sikamora.” (Amose 7:14) Leha ho le joalo, Amose ha aa ka a tsila-tsila ho isa molaetsa oa Jehova oa kahlolo ho moprista Amazia ea neng a rapela namane. (Amose 7:16, 17) Kamehla re lokela ho hopola hore re etsa mosebetsi oa Molimo le hore o tla etsa hore re tšoanelehe ka botlalo ho etsa mosebetsi oo a re fileng oona.—2 Tim. 3:17.
5. Ke hobane’ng ha re lokela ho loanela ho qalisa thuto ea Bibele esita le haeba re le maphatha-phathe?
5 Ha U le Maphatha-phathe: Esita le haeba u le maphatha-phathe, mohlomong u se u beheletse ka thōko nako ea ho kopanela kamehla tšebeletsong. Ho khanna thuto ea Bibele e ka ba e ’ngoe ea likarolo tse thabisang haholo tsa tšebeletso. Ke tokelo ho bona ha Lentsoe la Jehova le sebetsa bophelong ba motho. (Baheb. 4:12) Jehova oa thaba ha re itella ho thusa motho e mong hore a “fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Tim. 2:4) Esita le mangeloi aa thaba ha motho a bakela tsela ea hae ea pele ea bophelo ’me a hatela pele moeeng.—Luka 15:10.
6. Ke tokelo efe eo re e filoeng bakeng sa ho phetha thato ea Molimo?
6 “Thato ea [Molimo ke] hore batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Tim. 2:4) Ka sebele re na le tokelo e khōlō ea ho etsa mosebetsi o lumellanang le thato ea Molimo, re sa tsila-tsile ho khanna lithuto tsa Bibele!