Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa Apr. 1
“Ha e le moo lihlahisoa tsa lefatše li senngoa hakaale, na u kile ua ipotsa hore na ebe lefatše le tla pholoha? [Emela karabo.] Utloa tšepiso ena e tšelisang. [Bala Pesaleme ea 104:5.] Sehlooho sena se bontša seo Bibele e se buang ka bokamoso ba lefatše.” Buella sehlooho se qalang leqepheng la 10.
Tsoha! Apr.
“Ka lebaka la ho phathahana, batho ba bangata ha ba fumane nako ea ho sebeletsa Molimo. Na le uena u na le bothata boo? [Emela karabo. Ebe u bala Baefese 5:15-17.] Sehlooho sena se fana ka tlhaloso e utloahalang ea Bibele mabapi le hore na Molimo o lebeletse hore re mo fe nako e kae le matla a makae.” Buella sehlooho se qalang leqepheng la 20.
Molula-Qhooa May 1
“Batho ba bangata ba re ba lumela feela seo ba ka se bonang. Na u lumellana le bona? [Emela karabo. Ebe u bala Baroma 1:20.] Makasine ena e totobatsa litšobotsi tse tharo tsa Molimo tseo re ka li bonang ka ho hlaka linthong tseo a li bōpileng ’me e bontša kamoo ho tseba litšobotsi tsena ho ka re amang kateng.”
Tsoha! May
“Kajeno batho ba bangata ba tšoenyehile ka bokamoso. Na u nahana hore lintho li tla loka, kapa u nahana hore li tla senyeha le ho feta? [Emela karabo. Ebe u bala Tšenolo 21:3, 4.] Makasine ena e hlalosa hore na ke hobane’ng ha re lokela ho kholiseha hore haufinyane Molimo o tla felisa mathata a boima ka ho fetisisa ao batho ba hlōlehileng ho a lokisa.”