Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/08 leq. 8
  • Tsela ea ho Buella Limakasine

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsela ea ho Buella Limakasine
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
km 10/08 leq. 8

Tsela ea ho Buella Limakasine

Molula-Qhooa Oct. 1

“Litsebi li hlokometse hore ntate o na le boikarabelo ba bohlokoa ka lapeng. U ka re ke joang motho e ka bang ntate oa khonthe? [Emela karabo.] Jesu o ile a totobatsa kamoo mohlala oa Ntate oa hae o mo thusitseng kateng. [Bala Johanne 5:19.] Sehlooho sena se tšohla lintlha tsa bohlokoa tse tšeletseng tse amanang le boikarabelo ba ntate.” Buella sehlooho se qalang leqepheng la 18.

Tsoha! Oct.

“Batho ba malumeli a sa tšoaneng ba na le maikutlo a loantšanang tabeng ea hore na hantle-ntle Molimo o joang. Empa Mora oa Molimo o ile a Mo hlalosa joang? Hlokomela mantsoe a Jesu ho Johanne 4:24. [E bale.] Maqepheng a mabeli feela, sehlooho sena se tšohla pono ea Bibele potsong e reng, “Hantle-ntle Molimo o joang?” Buella sehlooho se leqepheng la 24 le 25.

Molula-Qhooa Nov. 1

“Batho ba bangata ba re ha ho utloahale hore Molimo ea lerato a hlokofatse batho ka ho sa feleng. Maikutlo a hao ke afe tabeng ee? [Emela karabo.] Bibele e ruta ka ho hlakileng hore Molimo ha a khopo ebile ha a rate ho iphetetsa. [Bala Ezekiele 18:23.] U tla thabela kamoo Mangolo a sebelisitsoeng kateng makasineng ena ho hlalosa taba ena.”

Tsoha! Nov.

“Hangata batho ba lumela hore motho ea atlehileng ke ea tummeng, ea ruileng kapa ea boholong. Uena u ka re motho ea atlehileng ke ea joang? [Emela karabo.] Hlokomela hore na Bibele e re ke eng e etsang hore motho a atlehe. [Bala Pesaleme ea 1:1-3.] Sehlooho sena se tšohla lintlha tse tšeletseng tse etsang hore motho a atlehe.” Buella sehlooho se hlahang leqepheng la 6.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela