Lokisetsa Thuto Hantle
1. Ha re khanna thuto ea Bibele ke hobane’ng ha re lokela ho ameha ka ho thusa seithuti hore se ananele seo se ithutang sona?
1 Pele re khanna thuto ea Bibele, re lokela ho lokisetsa hantle e le hore re susumetse seithuti hore se sebeletse Jehova. Boiteko ba rōna e ke ke ea e-ba ba lefeela haeba re thusa seithuti ho ananela seo se ithutang sona Bibeleng. Sena se tla se khothatsa. (Deut. 6:5; Liprov. 4:23; 1 Bakor. 9:26) Empa re ka etsa see joang?
2. Thapelo e ka re thusa joang ha re lokisetsa thuto?
2 Rapela Pele U Lokisetsa: Kaha Jehova ke eena ea etsang hore peō e hōle ka pelong ea seithuti, ho loketse hore re qale ho lokisetsa thuto ka hore re rapelle seithuti ka ho toba ’me re bolele lintho tseo ho hlokahalang hore se thusoe ho tsona. (1 Bakor. 3:6; Jak. 1:5) Thapelo ena e ka boela ea re lemosa hore na re ka tsoela pele joang ho se thusa hore pelo ea sona e tlale “tsebo e nepahetseng” ea thato ea Jehova.—Bakol. 1:9, 10.
3. Re ka lokisetsa joang re nahanne ka seithuti?
3 Nahana ka Seithuti: Jesu o ne a tseba hore o tla ruta hantle haeba a nahana ka batho bao a ba rutang. Ka makhetlo a ka bang mabeli, o ile a botsoa potso e tšoanang e reng: ‘Ke ka ho etsa’ng ke tlang ho rua bophelo bo sa feleng?’ Ha aa ka a araba ka tsela e tšoanang. (Luka 10:25-28; 18:18-20) Re lokela ho nahana ka seithuti ha re ntse re lokisetsa. Re tla bala mangolo afe? Re ikemiselitse ho tšohla boitsebiso bo bokae? Seithuti se ka ’na sa thatafalloa ho lumela kapa ho utloisisa lintlha life? Haeba re ka nahana ka lipotso tseo se ka ’nang sa li botsa, re tla ba malala-a-laotsoe hore re se arabe hantle.
4. E le hore re lokisetse hantle, re lokela ho etsa lintho life?
4 Ikhopotse Boitsebiso: Ho sa tsotellehe hore na re se re ithutile taba e itseng le batho ba bakae, lena e tla ba lekhetlo la pele re ithuta eona le seithuti sena. Ho hlokahala hore re lokisetse thuto ka ’ngoe hantle e le hore re tle re ame pelo ea sona. Ka mantsoe a mang, re etse seo re khothalletsang seithuti hore se se etse. Nahana ka seithuti ha u ikhopotsa boitsebiso ’me u bale le mangolo a bontšitsoeng, mohlomong u thalle mola lintlheng tsa bohlokoa.—Bar. 2:21, 22.
5. Re ka etsisa Jehova joang?
5 Jehova o rata hore seithuti se seng le se seng sa Bibele se hatele pele. (2 Pet. 3:9) Ha re ipha nako ea ho lokisetsa thuto e ’ngoe le e ’ngoe ea Bibele, re bontša lerato le tšoanang.