Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/10 leq. 1
  • Na Kea Tšoaneleha Hore ke Bolele Litaba Tse Molemo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Kea Tšoaneleha Hore ke Bolele Litaba Tse Molemo?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Mang ea Tšoanelehelang ho Bolela?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Ho Hlomelloa ka ho Feletseng re le Mesuoe ea Lentsoe la Molimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • A Re Boleleng Litaba Tsena tsa ’Muso
    Binelang Jehova Lithoriso
  • Mohlala oo Re Lokelang ho o Latela Haufi-ufi
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
km 1/10 leq. 1

Na Kea Tšoaneleha Hore ke Bolele Litaba Tse Molemo?

1. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho ikhalala mabapi le hore na rea tšoaneleha ho bolela litaba tse molemo?

1 Haeba u kile ua ipotsa potso eo, u se ke ua nyahama! Hase thuto ea lefatše kapa bokhoni ba tlhaho bo etsang hore re be basebeletsi ba tšoanelehang. Bibele e hlalosa hore ba bang ba barutuoa ba Jesu ba pele ba ‘ne ba sa ruteha ebile e le batho ba tloaelehileng.’ Leha ho le joalo, ba ile ba atleha ho bolela litaba tse molemo hobane ba ikemiselitse ho etsisa mohlala oa Jesu.—Lik. 4:13; 1 Pet. 2:21.

2. Jesu o ne a ruta joang?

2 Tsela eo Jesu a Neng a Ruta ka Eona: O ne a ruta ka tsela e tobang taba, e hlakileng, eo ho leng bonolo hore batho ba e utloisise. Batho ba ne ba mo mamela ka hloko ha a botsa lipotso, a etsa lipapiso le likenyelletso tse bonolo. (Mat. 6:26) O ne a bontša hore ka sebele o amehile ka batho. (Mat. 14:14) Ho feta moo, Jesu o ne a bua ka tsela e bontšang hore o kholisehile ka seo a se buang ebile o na le matla, a tseba hore ke Jehova ea mo fileng mosebetsi oa hae le matla a ho o phetha.—Luka 4:18.

3. Jehova o re thusa joang hore re phethe bosebeletsi ba rōna?

3 Jehova oa re Thusa: Morupeli oa rōna e Moholo o sebelisa Lentsoe la hae le mokhatlo oa hae ha a re fa thupelo eo re e hlokang e le hore re atlehe mosebetsing oa rōna oa ho bolela litaba tse molemo. (Esa. 54:13) Kaha Jehova o ile a lumella hore ho ngoloe mangolo a re bolellang litsela tseo Jesu a neng a ruta ka tsona, re ka ithuta litsela tseo, ’me ra li etsisa. Jehova o re fa moea o halalelang ebile o re koetlisa ka liboka tsa phutheho. (Joh. 14:26) Ho phaella moo, o re fa bahoeletsi bao e leng khale ba li bona ba ka re thusang ho ba basebeletsi ba atlehang.

4. Ke hobane’ng ha re lokela ho ikutloa re tšoaneleha ho bolella ba bang litaba tse molemo?

4 Re lokela ho ikutloa re tšoaneleha ho bolela litaba tse molemo hobane “ho tšoaneleha ha rōna ka ho lekaneng ho tsoa ho Molimo.” (2 Bakor. 3:5) Ha re tšepile Jehova, ’me re tiisa hore re sebelisa litokisetso tsa hae tse lerato, re tla ‘tšoaneleha ka botlalo, re hlomelloe ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.’—2 Tim. 3:17.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela