Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/96 leq. 1
  • Ke Mang ea Tšoanelehelang ho Bolela?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Mang ea Tšoanelehelang ho Bolela?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Kea Tšoaneleha Hore ke Bolele Litaba Tse Molemo?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
  • A Re Boleleng Litaba Tsena tsa ’Muso
    Binelang Jehova Lithoriso
  • Ho Hlomelloa ka ho Feletseng re le Mesuoe ea Lentsoe la Molimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Litaba Tse Molemo li Boleloa Joang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
km 8/96 leq. 1

Ke Mang ea Tšoanelehelang ho Bolela?

1 Ha ho tluoa tšebeletsong, na u kile ua ikutloa joaloka Moshe? O ile a re: “Oho Morena, ha ke monna ea buang habonolo, leha e le maobane, leha e le maoba, esita le joale, ha e sa le u bua le mohlanka oa hao.” (Ex. 4:10) Haeba u ikutloa ka tsela eo, e ka ’na eaba u na le tšekamelo ea ho ikhulela morao. Leha ho le joalo, Jesu o ile “a re laela hore re bolelle batho le ho fana ka bopaki bo phethahetseng.” (Lik. 10:42) Kahoo re tšoanelehela ho ba baboleli ba litaba tse molemo joang?

2 Hase taba ea hore na re rutehile hakae e re etsang ba tšoanelehelang tšebeletso. Pauluse o ile a bolela hore “hase ba bangata ba bohlale ka tsela ea nama ba ileng ba bitsoa” le hore “bohlale ba lefatše lena ke booatla ho Molimo.” (1 Bakor. 1:26; 3:19) Jesu o ile a khetha baapostola ba hae har’a batho ba sebetsang—bonyane ba bane mosebetsi oa bona e ne e le ho tšoasa litlhapi. Baeta-pele ba ikhohomosang ba bolumeli ba ne ba ba talima ka ho ba nyelisa e le “batho ba sa rutehang le ba tloaelehileng.” Ha ba ahlōloa ho ea ka litekanyetso tsa lefatše, baapostola ba ne ba sa tšoanelehe hore ba bolele. Empa, puo e hloahloa e fanoeng ke Petrose ka letsatsi la Pentekonta e ile ea susumelletsa ba 3000 hore ba kolobetsoe!—Lik. 2:14, 37-41; 4:13.

3 Jehova o Re Etsa ba Tšoanelehelang ho Bolela: Pauluse o ile a bolela: “Ho ba ha rōna ba tšoanelehang ka ho lekaneng ho tsoa ho Molimo.” (2 Bakor. 3:5) Jehova, Mohloli oa bohlale, o rutile ba limilione ho bolella ba bang ’nete ea ’Muso. (Esa. 54:13) Ho atleha le ho beha litholoana ha mosebetsi ona ho ka bonoa ka ba 338 491 ba ileng ba kolobetsoa selemong se fetileng e le ‘mangolo a phelang a puello.’ (2 Bakor. 3:1-3) Re na le lebaka le utloahalang la hore re bolele ka sebete le ka kholiseho ka lintho tseo re ithutileng tsona ho Jehova.

4 Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo o thehile lenaneo la machaba la koetliso bakeng sa basebeletsi. Ka Mangolo le lithuso tsa ho ithuta Bibele tse ngata tse sa tšoaneng, re kenngoa sekolo le ho koetlisoa hore re be ba ‘tšoanelehang ka botlalo, ba hlomelloang ka ho feletseng’ bakeng sa ho bolela. (2 Tim. 3:16, 17) Ba bangata ba ’nile ba hlolloa ke botsebi bo fumanoang ho lingoliloeng tsa Mokhatlo. Ka mohlala, khatiso e tsoang nako le nako ea Seswedishe e ile ea bolela: “Tumelo e boleloang ke Lipaki tsa Jehova e tšehelitsoe ke thuto e hlollang ea boemo bo phahameng le botsebi ba Bibele ba machaba.”

5 Ka tataiso e fanoang libokeng tsa rōna tse hlano tsa beke le beke, lenaneo la rōna bakeng sa ’malo oa Bibele le thuto, keletso Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, thuso ea botho e etsoang ke ba bang bao e leng basebeletsi ba nang le phihlelo, ’me ka holim’a tsohle, ka tšehetso ea moea o halalelang oa Jehova, re ka kholiseha hore Jehova o re talima re le ba tšoanelehang ka botlalo bakeng sa ho bolela. “E, joaloka ba romiloeng ba tsoa ho Molimo, tlas’a pono ea Molimo, hammoho le Kreste, rea bua.”—2 Bakor. 2:17.

6 Haeba re sebelisa ka botlalo monyetla oa koetliso ea puso ea Molimo e fanoang ke Molimo ka Mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng, ha re na lebaka la ho ikhulela morao kapa la ho ikutloa re tšohile. Ka thabo re ka bolella ba bang, re kholisehile hore Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba rōna.—1 Bakor. 3:6.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela