Basebeletsi ba Bakreste ba Lokela ho Rapela
1. Ho hlokahala’ng e le hore re phethe tšebeletso ea rōna?
1 Re ke ke ra phetha tšebeletso ka matla a rōna. Jehova o re fa matla a ho etsa mosebetsi ona. (Bafil. 4:13) O sebelisa mangeloi a hae ho re thusa ho fumana ba kang linku. (Tšen. 14:6, 7) Jehova ke eena ea hōlisang peō ea ’nete eo re e jalang le ho e nosetsa. (1 Bakor. 3:6, 9) Ke habohlokoa hakaakang hore basebeletsi ba Bakreste ba rapele Ntate oa rōna ea leholimong ho bontša hore ba itšetlehile ka eena!
2. Ke lintho life tseo re lokelang ho li rapella?
2 Re Lokela ho Ithapella: Re lokela ho rapela nako e ’ngoe le e ’ngoe ha re bolela litaba tse molemo. (Baef. 6:18) Ke lintho life tseo re lokelang ho li rapella? Re ka rapella hore re be le tšepo ea hore tšimo ea rōna e tla hlahisa litholoana le hore re be sebete. (Lik. 4:29) Re ka kōpa Jehova hore a re lebise ho batho ba lipelo li ntle bao re ka ithutang Bibele le bona. Haeba motho a re botsa potso, re ka rapela hakhutšoanyane ka pelong re kōpa Jehova hore a re thuse ho e araba hantle. (Neh. 2:4) Re ka boela ra kōpa bohlale ba hore re eteletse tšebeletso pele. (Jak. 1:5) Ho feta moo, Jehova o khahlisoa ke ha re mo leboha ka tlotla eo a re fileng eona ea ho ba basebeletsi ba hae.—Bakol. 3:15.
3. Ho rapella ba bang ho ka ntšetsa pele mosebetsi oa boboleli joang?
3 Re Lokela ho Rapella ba Bang: Re boetse re lokela ho ‘rapellana,’ re be re bitse mabitso a basebeletsi ba bang ha ho lokela. (Jak. 5:16; Lik. 12:5) Na ho kula ho u sitisa ho bolela litaba tse molemo kamoo u ka ratang kateng? Haeba ho joalo, rapella basebeletsi ba bang ba phelang hantle. Le ka mohla u se ke ua halala matla a lithapelo tseo u ba etsetsang tsona! Hape ke hantle hore re rapelle ba boholong hore ba se ke ba hanyetsa mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo, e le hore barab’abo rōna ba “ka tsoela pele [ba] phela bophelo bo khutsitseng le bo thōtseng.”—1 Tim. 2:1, 2.
4. Ke hobane’ng ha re lokela ho phehella thapelong?
4 Ho bolela litaba tse molemo lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona ke mosebetsi o moholo hoo re ke keng ra o phetha ka matla a rōna. Haeba re ‘phehella thapelong,’ Jehova o tla re thusa hore re phethe mosebetsi ona.—Bar. 12:12.