Na U ka Thusa Molekane ea sa Lumelang?
1. Ke hobane’ng ha Bakreste bao malapa a bona a arohaneng tumelong e se bona feela ba ratang ho thusa molekane ea sa lumelang hore a amohele ’nete?
1 Na phuthehong ea heno ho na le bahoeletsi ba nang le balekane ba sa lumelang? Haeba ho joalo, ha ho pelaelo hore bahoeletsi bana ba lakatsa hore balekane ba bona le bona e be barapeli ba ’nete. Empa hase bona feela ba nang le takatso eo. Phutheho eohle e na le takatso e tšoanang le ea Molimo ea hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Tim. 2:4) Ebe re ka etsa’ng hore re thuse balekane ba sa lumelang ba bahoeletsi ba phutheho ea habo rōna?
2. Ke joang ho utloisisa boemo ba molekane ea sa lumelang ho ka re nolofalletsang ho mo thusa?
2 Re ka qala ka ho ipeha boemong ba motho eo ea sa lumelang. Balekane ba bangata ba sa lumelang ba rata malapa a bona ebile ba leka hore e be batsoali le balekane ba lenyalo ba molemo. Mohlomong ba khomaretse lithuto tse fapaneng le tsa rōna. Ho ka etsahala hore ebe ntho feela eo ba e tsebang ka Lipaki Tsa Jehova ke eo ba e boleletsoeng ke metsoalle e sa li tsebeng hantle kapa e leeme. Ba bang ba utloa bohloko ha ba bona hore nako eo balekane ba bona ba neng ba e qeta le malapa, ba se ba e qeta linthong tse amanang le borapeli. Haeba re utloisisa boemo ba motho ea sa lumelang re tla mo tšoara ka mosa le ka tlhompho ’me re phutholohe ha re e-na le eena.—Liprov. 16:20-23.
3. Ke tsela efe e molemo ka ho fetisisa eo ka eona re ka thusang motho ea sa lumelang hore a amohele ’nete?
3 Mo Bontšeng Hore Lea mo Tsotella: Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho thusa molekane ea sa lumelang hore a amohele ’nete ke hore re qale ka ho mo hapa ka liketso, eseng ka ho qoqa le eena ka Bibele. (1 Pet. 3:1, 2) Boemong bona, ke habohlokoa hore re mo bontše hore rea mo tsotella. Baralib’abo rōna ba ka itloaetsa mosali ea sa lumelang, ’me barab’abo rōna ba itloaetsa monna ea sa lumelang. Joang?
4. Re ka bontša joang hore re tsotella balekane ba sa lumelang?
4 Haeba le sa tsebane le molekane ea sa lumelang, mohlomong u ka buisana le molekane oa hae oa Mokreste pele u e-ea ho eena. U se ke ua soaba haeba molekane ea sa lumelang a u hlokela sebaka. Ha re le botsoalle ebile re bontša hore rea mo tsotella, a ka ’na a susumelletseha hore a thabele Lipaki Tsa Jehova. (Bar. 12:20) Bakreste ba bang ba hōlileng tsebong ba ’nile ba memela balekane ba sa lumelang le malapa a bona lijong, e le hore ba ba tloaele hamolemo le hore ba ba thuse ho tlosa likelellong tsa bona menahano leha e le efe e fosahetseng eo ba nang le eona ka rōna. Ba bua ka lintho tseo balekane bao ba li ratang, ho e-na le hore ba batle ho bua le bona ka Bibele le hoja maemo a sa lumele. Hamorao, ha motho ea sa lumelang a ntse a phutholoha, ho ka ’na ha e-ba bonolo ho qoqa le eena ka litaba tse molemo. Kapa a ka ’na a lumela ha a memeloa sebokeng se seng sa rōna moo a tla utloisisa seo mosali oa hae a ithutang sona, haholo-holo kaha a se a ntse a tseba ba bang ka phuthehong. Le haeba ha a e-s’o be boemong ba ho ithuta ’nete, ha ho potang hore a ka babatsoa ka hore ebe o tšehelitse molekane oa hae ea lumelang.
5. Baholo ba ka thusa molekane ea sa lumelang joang?
5 Baholo ke bona bao ka ho khetheha ba lokelang ho thusa balekane ba sa lumelang le ho falimehela menyetla ea ho ba pakela. Molekane ea sa lumelang ea hanang ho mamela molaetsa oa Bibele a ka ’na a mamela khothatso ea Mangolo ha a le sepetlele kapa a hlahetsoe ke mathata a maholo a ho kula. Ha lelapa le arohaneng tumelong le hlaheloa ke tsietsi, e kang ho shoeloa ke setho sa lelapa, baholo ba ka kōpa molekane ea sa lumelang hore a be teng ha ba tšelisa lelapa.
6. Re na le mabaka afe a ho thusa balekane ba sa lumelang?
6 Nahana hore na Mokreste oa phutheho ea habo rōna o tla thaba hakaakang ha molekane oa hae a amohela ’nete! Ho feta moo, bohato bona bo tla boela bo thabise Jehova haholo, hammoho le mangeloi esita le phutheho kaofela. (Luka 15:7, 10) Leha ho le joalo, haeba ea sa lumelang a sa nke khato qalong, re ka thabisoa ke hore ha re tsoela pele ho mo thusa, re khahlisa Jehova, ea sa ‘lakatseng hore leha e le mang a timetsoe empa a lakatsa hore bohle ba fihle pakong.’—2 Pet. 3:9.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho thusa molekane ea sa lumelang hore a amohele ’nete ke hore re qale ka ho mo hapa ka liketso, eseng ka ho qoqa le eena ka Bibele