Hlōlang Bothata ba ho Pakela Banna
1. Ho hlokahala’ng ka potlako bakeng sa ho hlokomela mesebetsi ea ’Muso?
1 Ha mosebetsi oa ’Muso o ntse o eketseha matsatsing ana a ho qetela, banna ba tšoanelehang moeeng ba hlokahala ka potlako hore ba etelle pele. (Mar. 4:30-32; Lik. 20:28; 1 Tim. 3:1-13) Leha ho le joalo, libakeng tse ling basali ba amohelang molaetsa oa ’Muso ba bangata ho feta banna. Litsong tse ling, banna ba lumela hore basali ba bona ba lokela ho ruta bana litaba tsa bolumeli. Re ka etsa’ng ho khothalletsa banna ba eketsehileng hore ba ele hloko tlhoko ea bona ea moea ’me ba kopanele le rōna borapeling ba ’nete?
2. Boiteko ba Pauluse le Petrose ba ho pakela banna bo ile ba ba le liphello life tse ntle?
2 Amehang Haholo ka ho Pakela Banna: Ha hlooho ea lelapa e amohela ’nete, hangata o susumelletsa litho tse ling tsa lelapa hore li kopanele le eena borapeling bo hloekileng. Ka mohlala, ha Pauluse le Silase ba koaletsoe teronkong ka lebaka la ho bolela litaba tse molemo, ba ile ba pakela molebeli oa teronko. Monna eo le bohle ba ntlo ea hae ba ile ba kolobetsoa. (Lik. 16:25-34) Ka mor’a hore Pauluse a bolele litaba tse molemo Korinthe, “Krispase molaoli ea okamelang oa synagoge ea e-ba molumeli ho Morena, ’me ha e-ba joalo le ka bohle ba ntlo ea hae.” (Lik. 18:8) Jehova o ile a sebelisa Petrose hore a pakele molaoli oa lebotho ea bitsoang Korneliase, eo ho neng ho thoe ke “monna ea inehetseng le ea tšabang Molimo.” Korneliase o ile a kolobetsoa hammoho le beng ka eena le metsoalle ea hae e haufi-ufi.—Lik. 10:1-48.
3. Ha u etsisa Filipi, ke bo-mang “ba boemong bo phahameng” bao u ka ba pakelang?
3 Ho pakela banna “ba boemong bo phahameng” ho ka ba le liphello tse molemo haholo. (1 Tim. 2:1, 2) Ka mohlala, lengeloi la Jehova le ile la eletsa Filipi hore a bue le “monna ea neng a le pusong” ea neng a okametse letlotlo lohle la mofumahali oa Baethiopia. Filipi o ile a utloa ha monna eo a ntse a “balla holimo moprofeta Esaia” eaba o mo hlalosetsa litaba tse molemo tse mabapi le Jesu. Moethiopia eo e ile ea e-ba morutuoa ’me ho ka etsahala hore o ile a bolela litaba tse molemo ha a le tseleng e lebang ha habo. Hape ho ka etsahala hore o ile a pakela mofumahali le bao a tsamaeang le bona, e leng batho bao ho neng ho ka ba thata hore ba be le monyetla oa ho utloa litaba tse molemo.—Lik. 8:26-39.
4. Re ka sebelisa litsela life ho fa banna menyetla e eketsehileng ea ho utloa litaba tse molemo?
4 Buisanang le Banna ba Eketsehileng: Kaha hangata motšehare banna ba mosebetsing, na u ka lokisetsa hore u qete nako e eketsehileng tšebeletsong mantsiboea, nakong ea mafelo-beke, kapa matsatsing a phomolo? Ho sebetsa tšimo e libakeng tsa khoebo khafetsa ho tla u fa menyetla e eketsehileng ea ho pakela banna bao hangata ba sa fumaneheng malapeng. Barab’abo rōna le bona ba ka etsa boiteko bo khethehileng ba hore ba pakele banna ba sebetsang le bona ka mokhoa o sa reroang. Tšebeletsong ea ntlo le ntlo, haholo-holo tšimong e sebetsoang khafetsa, ka linako tse ling barab’abo rōna ba ka kōpa ho bua le ntate oa lelapa.
5. Morali’abo rōna o lokela ho etsa’ng haeba a fumana monna ea thahasellang molaetsa oa ’Muso?
5 Haeba morali’abo rōna a fumana monna ea thahasellang ’nete, ha aa lokela ho khutlela ho eena a le mong. A ka ’na a tsamaea le monna oa hae kapa mohoeletsi e mong. Ha monna eo ea thahasellang a ntse a hatela pele, hangata ho molemo hore a mo fetisetse ho mor’abo rōna ea tšoanelehang.
6. Re ka etsisa moapostola Pauluse joang e le hore re ka “rua batho ba eketsehileng”?
6 Khethang Litaba Tseo Banna ba li Thahasellang: Moapostola Pauluse o ile a nahana ka bamameli ba hae eaba o fetola seo a se buang hore se ba tšoanele e le hore a ka “rua batho ba eketsehileng.” (1 Bakor. 9:19-23) Ka ho tšoanang, re lokela ho sheba hore na ke litaba life tseo ho ka etsahalang hore banna ba li thahaselle ’me re lokisetse ho qoqa ka tsona. Ka mohlala, hangata banna ba amehile ka mathata a moruo, ’muso o molemo le ho tiisa hore malapa a bona a sireletsehile. Hape ba ka ’na ba thahasella ho qoqa ka morero oa bophelo, bokamoso ba lefatše le hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse mahlomola. Ba ka amohela molaetsa oa rōna oa ’Muso haeba re ela hloko lintlha tsena ha re qoqa le bona.—Liprov. 16:23.
7. Ke joang bohle ka phuthehong ba ka bang le tšusumetso e molemo ho banna ba sa lumelang ba eang sebokeng?
7 Thusang Banna ba sa Lumelang: Le hoja hangata boitšoaro bo botle ba baralib’abo rōna bo e-na le tšusumetso e khōlō ho banna ba bona ba sa lumelang, litho tsa phutheho li ka ba le tšusumetso e molemo. (1 Pet. 3:1-4) Ha monna ea sa lumelang a e-ea le mosali oa hae sebokeng ’me phutheho e mo amohela ka mofuthu, seo e tla ba bopaki bo matla. Ho ka etsahala hore boteng ba hae bo bontša hore o thahasella ’nete ka tsela e itseng, ’me a ka ’na a thabela ho khanneloa thuto ea Bibele.
8. Ke joang barab’abo rōna ba ka thusang banna ba sa lumelang ba sa bontšeng thahasello e kaalo ’neteng?
8 Ka lehlakoreng le leng, qalong banna ba bang ha ba thahaselle litaba tsa moea hakaalo, empa hamorao ba ka ’na ba thabela ho qoqa ka Bibele le mor’abo rōna eo ba ikutloang ba phutholohile ha ba e-na le eena. Barab’abo rōna phuthehong e ’ngoe ba ile ba ikemisetsa hore ha ba etetse lelapeng leo ho lona monna a neng a sa kopanele, ba qoqe le eena ka lintho tseo ba tsebang hore oa li thahasella. Sena se ile sa etsa hore ba qetelle ba qoqa ka litaba tsa moea, ’me hona joale o kolobelitsoe. Mohlala o mong ke oa mor’abo rōna ea ileng a thusa monna ea sa lumelang ea ratang batho hore a kampele jarete ea hae. Ka lebaka la ho mo thahasella ka tsela ena, o ile a qala ho ithuta Bibele le eena. (Bagal. 6:10; Bafil. 2:4) Haeba u mor’abo rōna, ke hobane’ng ha u sa thuse monna a le mong kapa ba eketsehileng ba sa lumelang?
9. Ho koetlisa banna ba Bakreste ho ka ba le phello efe?
9 Ba Koetlisetseng Nako e Tlang: Banna ba amohelang molaetsa oa ’Muso ’me ba hahamalla boikarabelo bo eketsehileng tšebeletsong ea Jehova e ka ba tse ling tsa “limpho [tseo e leng] banna,” e leng baholo ba Bakreste ba sebelisang bokhoni ba bona le matla molemong oa liphutheho tsa batho ba Jehova. (Baef. 4:8; Pes. 68:18) Banna bana ba lisa phutheho ka ho rata le ka tabatabelo. (1 Pet. 5:2, 3) Ba fetoha tlhohonolofatso e kaakang mokhatlong oohle oa bara ba motho!
10. Batho ba bangata ba ile ba rua molemo joang ka hore ebe Ananiase o ile a thusa Pauluse?
10 Ka mohlala, Saule e ile ea e-ba “moapostola ho lichaba,” le hoja pele a ne a hlorisa Bakreste. (Bar. 11:13) Qalong morutuoa ea bitsoang Ananiase o ne a tšaba ho mo bolella litaba tse molemo. Leha ho le joalo, Ananiase o ile a etsa seo Morena a mo laetseng sona eaba o bua le monna enoa ea ileng a tsejoa e le moapostola Pauluse. Ha lilemo li ntse li feta, tšebeletso ea Pauluse e ile ea thusa batho ba likete ba ileng ba mo utloa ha a bolela litaba tse molemo, esita le ba limilione ba ntseng ba rua molemo mangolong a hae a bululetsoeng a Lentsoeng la Molimo.—Lik. 9:3-19; 2 Tim. 3:16, 17.
11. Ke hobane’ng ha re lokela ho etsa liphetoho leha e le life tse hlokahalang e le hore re pakele banna?
11 Kahoo, e se eka re ka etsa liphetoho leha e le life tse hlokahalang e le hore re hlōle bothata ba ho pakela banna. Ha re ntse re loanela ho etsa sena, re tiisetsoa hore Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba rōna ba ho etsa thato ea hae ka mafolofolo le ho phetha mesebetsi e amanang le ’Muso ka botlalo.