“Ho Paka ka ho Phethahetseng” ka ’Muso oa Molimo
1. Re tla ithuta eng Thutong ea Bibele ea Phutheho ho tloha bekeng ea la 14 March?
1 Bekeng ea la 14 March, 2011, re tla qala ho ithuta buka ea “Ho Paka ka ho Phethahetseng” ka ’Muso oa Molimo Thutong ea Bibele ea Phutheho. Bukeng ena ho tšohloa buka ea Liketso ka tsela e etsang hore ’mali a tsohe molota ha a utloa liketsahalo tse tlalehiloeng ho eona tse phetoang ka potlako. Buka ena ea Ho Paka ha e tšohle lengolo la Liketso temana ka temana, empa e bontša hore na re ka ithuta eng litlalehong tsa eona ebile e re thusa hore re bone kamoo re ka sebelisang seo re ithutang sona bophelong ba rōna.—Bar. 15:4.
2. Hlalosa litšobotsi tse ling tsa buka ea Ho Paka.
2 Litšobotsi Tsa Buka Ena: Selelekela sa eona se leqepheng la 2 ke lengolo le monate le tsoang ho Sehlopha se Busang le hlalosang kamoo se batlang hore buka ena e re ruise molemo kateng. Ho tloha khaolong ea 2, ho na le kenyelletso e hlalosang moko-taba oa khaolo ka ’ngoe hammoho le Lengolo le bontšang hore na ho tla tšohloa karolo efe ea buka ea Liketso. Likhaolong tse ngata ho na le mabokose a nang le boitsebiso ba bohlokoa bo mabapi le histori ea batho, libaka kapa liketsahalo tseo ho buuoang ka tsona. Sebaka se seholo se siiloeng ka thōko ke seo re ka ngolang lintlha ho sona. Ho pholletsa le buka ena ho na le litšoantšo tse hlakileng hantle tsa lintho tseo ho buuoang ka tsona ka Bibeleng tse ka re thusang hore re utloisise liketsahalo tsa bohlokoa ’me leqepheng la ho qetela ho na le index ea litšoantšo e hlalosang lintlha tse bontšitsoeng litšoantšong tse sa tšoaneng. Karolong e ka hare ea sekoahelo sa buka ena, ho na le limmapa tse re thusang ho bona hore na barapeli-’moho le rōna ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba hatela pele joang ha ba qala ho hasa litaba tse molemo “ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.”—Lik. 1:8.
3. Re tla fumana likarabo tsa lipotso life tsa bohlokoa ha re ithuta buka ea Liketso?
3 Likarabo Tsa Lipotso Tsa Bohlokoa: Ho ithuta buka ea Liketso ho tla re thusa hore re hlakeloe ke likarabo tsa lipotso tsa bohlokoa tse mabapi le tšebeletso ea Bakreste. Ka mohlala, ke mosebetsi ofe le molaetsa ofe o khethollang balateli ba ’nete ba Jesu Kreste? Ke mang ea tsamaisang mosebetsi oo oa boboleli o etsoang lefatšeng lohle, hona o o tsamaisa joang? Mahloriso le khanyetso li bulela basebeletsi ba Bakreste menyetla efe? Moea o halalelang o phetha karolo efe tšebeletsong ea rōna?
4. Re ka rua molemo ka botlalo joang ha re ithuta buka ee?
4 E le hore u rue molemo ka botlalo, ithute esale pele boitsebiso bo tla tšohloa ’me u lokisetse ho ba le seabo phuthehong. E-ba teng sebokeng se seng le se seng ’me u nahanisise ka tsela eo ka eona u ka sebelisang lintho tseo u ithutileng tsona tšebeletsong ea hao. E se eka ho tšohla buka ena e hlasimollang ho ka re susumelletsa ho paka ka ho phethahetseng ka ’Muso oa Molimo!—Lik. 28:23.