Bopaki ba Seterateng bo Atlehang
1. Tsela e ’ngoe eo re ka etsisang Jesu ka eona ke efe?
1 Nakong ea tšebeletso ea hae ea lefatšeng, Jesu o ne a sa qeaqee ho bua le batho bao a kopanang le bona tseleng le libakeng tse ling tsa sechaba. (Luka 9:57-61; Joh. 4:7) O ne a batla ho bolella batho ba bangata kamoo ho ka khonehang molaetsa oa bohlokoa. Kajeno, bopaki ba seterateng ke tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho thusa batho ho fumana bohlale ba Molimo. (Liprov. 1:20) Ka sebele re tla atleha haeba re e-ea ho batho ’me re lemoha maemo.
2. Ho ea ho batho ha re le mosebetsing oa seterateng ho akarelletsa’ng?
2 E-ea ho Batho: Hangata ho molemo hore re ee ho batho ho e-na le hore re eme kapa re lule sebakeng se le seng re emetse batho ba fetang hore ba tle ho rōna. Bososela, sheba batho bao u buisanang le bona mahlong, ’me u buisane le bona u khobile matšoafo u bile u e-na le botsoalle. Haeba u sebetsa le bahoeletsi ba bang, hangata ho molemo hore le se ke la kopanela motho a le mong. Hape ho tla hlokahala hore u etse boiteko ba hore u boele u buisane le motho ea thahasellang. Haeba ho loketse, qetellong ea moqoqo, botsa motho eo ka mosa hore na u ka etsa joang hore u boele u buisane le eena. Bahoeletsi ba bang ba etsa mosebetsi oa seterateng sebakeng se itseng kamehla, e leng se ba thusang hore ba bue le batho ba le bang khafetsa ’me ba ba thuse hore ba lule ba thahasella.
3. Re ka sebelisa temoho joang ha re paka seterateng?
3 Lemoha Maemo: Hlahlobisisa maemo hantle ha u etsa qeto ea hore na u tla ema hokae seterateng le hore na u tla buisana le mang. Ha ho hlokahale hore u pakele motho e mong le e mong ea fetang. Nahanela maemo a batho. Ka mohlala, haeba motho a potlakile, ho ka ba molemo hore u mo tlohele a fete. Ha u eme ka pel’a mohaho oa khoebo, e-ba masene ’me u qobe ho etsa hore mookameli a ikutloe a tšoenyehile ho sa hlokahale. Hangata ho molemo ho pakela batho ha ba tsoa ka mohahong oa khoebo ho e-na le ho ba pakela ha ba kena. Atamela batho ka tsela e ke keng ea ba tšosa kapa ea ba makatsa. Hape, lemoha maemo ha u fana ka lingoliloeng. Haeba motho a sa thahaselle hakaalo, u ka ’na ua mo fa pampitšana ho e-na le limakasine.
4. Ke hobane’ng ha mosebetsi oa ho paka seterateng o le molemo o bile o thabisa?
4 Ho paka seterateng ho re nolofalletsa ho jala peō ea ’nete e ngata ka nako e khutšoanyane. (Moek. 11:6) Ho ka etsahala hore batho ba bang bao re kopanang le bona seterateng ke bao re sa ba fumaneng malapeng ha re etsa mosebetsi oa ntlo le ntlo. Ho ka ba joang ha u ka lokisetsa ho etsa mosebetsi oa seterateng kaha ke tšebeletso ea tšimo e thabisang le e atlehang?