Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/11 leq. 1
  • E-ba le ‘Qenehelo e Bonolo’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E-ba le ‘Qenehelo e Bonolo’
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Le be le “Qenehelo e Bonolo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Le be le Kutloelo-bohloko ka Tsela e Bonolo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Etsisa Jehova ka Hore U Utloele Batho Bohloko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Jehova o Busa ka Qenehelo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
km 7/11 leq. 1

E-ba le ‘Qenehelo e Bonolo’

1. Ke eng eo batho ba e lapetseng haholo kajeno?

1 Ha ho mohla ho kileng ha e-ba le batho ba bangata hakana ba lapetseng hore ho be le motho ea ba thusang ka qenehelo. Maemo a lefatše a ntseng a senyeha ho ea pele a entse hore batho ba bangata haholo ba ikutloe ba sulafaletsoe, ba sithabetse maikutlong ba bile ba feletsoe ke tšepo. Batho ba limilione ba hloka thuso, ’me rōna re le Bakreste re ka khona ho bontša baahelani ba rōna hore re amehile ka bona ho tsoa botebong ba pelo. (Mat. 22:39; Bagal. 6:10) Re ka bontša joang hore re amehile ka bona ka tsela eo?

2. Ke tsela efe e molemo ka ho fetisisa eo re ka bontšang qenehelo ka eona?

2 Mosebetsi o Etsoang ka Lebaka la Qenehelo: Ke Molimo feela eo e leng mohloli oa matšeliso a ’nete le a tšoarellang. (2 Bakor. 1:3, 4) Jehova o re khothalletsa hore re mo etsise ka ho ba le “qenehelo e bonolo,” ebile o re file mosebetsi oa ho etela baahelani ba rōna ho ea ba bolella litaba tse molemo tsa ’Muso. (1 Pet. 3:8) Ho ikitlaetsa mosebetsing ona ke tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho tšelisa “ba robehileng lipelo,” hobane ’Muso oa Molimo ke oona feela tšepo ea sebele ea moloko oa batho o mahlomoleng. (Esa. 61:1) Kaha Jehova o qenehela batho ba hae, haufinyane o tla nka bohato ba ho felisa bokhopo ’me a thehe lefatše le lecha la ho loka.—2 Pet. 3:13.

3. Re ka etsisa tsela eo Jesu a neng a talima batho ka eona joang?

3 Talima Batho ka Tsela eo Jesu a Neng a ba Talima ka Eona: Esita leha Jesu a ne a bolella bongata bo boholo litaba tse molemo, o ne a bua le bona joalokaha eka o bua le motho ka mong eseng le sehlopha se seholo sa batho. O ne a elelloa hore e mong le e mong o hloka ho thusoa hore a be le kamano e ntle le Molimo. Batho bao ba ne ba le joaloka linku tse se nang molisa ea li tataisang. Jesu o ile a ameha maikutlo ha a ba bona ’me seo sa mo susumelletsa hore a ba rute a sa ba felle pelo. (Mar. 6:34) Ho talima batho ka tsela eo Jesu a neng a ba talima ka eona ho tla re susumelletsa ho bontša e mong le e mong oa bona qenehelo e tsoang botebong ba pelo. ’Me qenehelo ena e tla totobala molumong oa lentsoe esita le lifahlehong tsa rōna. Re tla nka mosebetsi oa ho bolela e le oa bohlokoa ’me re etse hore lipolelo tsa rōna li tobe lintho tseo motho ka mong a amehileng ka tsona.—1 Bakor. 9:19-23.

4. Ke hobane’ng ha re lokela ho ikapesa qenehelo?

4 Bongata bo boholo ba batho ba lichaba tsohle bo nka khato ha bo bolelloa molaetsa oa ’Muso le ha bo bontšoa thahasello. Ha re ntse re ikapesa qenehelo, re tla tlotlisa Jehova, Molimo oa rōna ea nang le qenehelo re be re mo khahlise.—Bakol. 3:12.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela