Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/12 leq. 2
  • Pakela “Batho ba Mefuta Eohle”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Pakela “Batho ba Mefuta Eohle”
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Hopolang ho Sebelisa Libukana tse Lekanang le Makasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Buella Libukana Tse Lekanang le Makasine Hore U Arolele ba Bang Tšepo ea Hao ea ’Muso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • “Tsamaisa Makasine ea Khale Kapa Bukana Leha e le Efe e Buang ka Seo Motho a se Thahasellang”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • Ho Hlokahala Hore Baahelani ba Rōna ba Utloe Litaba Tse Molemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
km 1/12 leq. 2

Pakela “Batho ba Mefuta Eohle”

1. Baevangeli ba atlehang ba tšoana joang le litsebi tse ipabolang tsa mesebetsi ea matsoho?

1 Setsebi sa mesebetsi ea matsoho se sebelisa lithulusi tse ngata, ’me sea tseba hore na se lokela ho sebelisa efe maemong afe le hore na se e sebelise joang. Ka ho tšoanang, re na le lithulusi tse sa tšoaneng tse ka re thusang mosebetsing oa rōna oa boevangeli. Ka mohlala, ho hatisitsoe libukana tse nang le lihlooho tse sa tšoaneng e le ho re thusa hore re pakele “batho ba mefuta eohle.” (1 Bakor. 9:22) Kenyelletsong ea Tšebeletso ena ho thathamisitsoe tse ling tsa libukana tsena, ’me ho hlalositsoe hore na li etselitsoe bo-mang ha ba ha bontšoa litsela tseo motho a ka li tsamaisang ka tsona.

2. U ka tsamaisa bukana neng tšimong?

2 U ka Tsamaisa Libukana Neng?: Setsebi sa mesebetsi ea matsoho se tla sebelisa thulusi e itseng ha ho hlokahala. Ka ho tšoanang, re ka ’na ra siela motho bukana neng le neng ha re bona hore e tla mo tsoela molemo, eseng feela likhoeling tseo ho tsamaisoang libukana ka tsona. Ka mohlala, haeba ho tsamaisoa buka ea Seo Bibele e se Rutang ’me u pakela batho bao eseng Bakreste ba bileng ba sa thahaselleng Bibele hakaalo, ho ka ’na ha e-ba molemo hore u ba siele bukana e loketseng ebe hamorao u ba bontša buka ea Seo Bibele e se Rutang ha u se u hlaoletse thahasello ea bona.

3. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba hloahloa ha re sebelisa lithulusi tsa rōna tsa ho paka?

3 Mangolo a babatsa batho ba tsebang mosebetsi. (Liprov. 22:29) Ka sebele, kajeno ha ho na mosebetsi oa bohlokoa ho feta ‘mosebetsi o halalelang oa litaba tse molemo.’ (Bar. 15:16) E le hore re be ‘basebetsi bao ho seng letho leo ba ka hlajoang ke lihlong ka lona,’ re tla ikitlaelletsa ho ba hloahloa ha re sebelisa lithulusi tsa rōna.—2 Tim. 2:15.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela