“Tsamaisa Makasine ea Khale Kapa Bukana Leha e le Efe e Buang ka Seo Motho a se Thahasellang”
Likhoeling tseo re buellang buka ea Seo Bibele e se Rutang le thuto ea Bibele leetong la pele, re khothalletsoa hore neng le neng ha mong’a ntlo a se a ntse a e-na le buka eo ’me a sa lumele ha re kōpa ho ithuta Bibele le eena re mo “tsamaisetse makasine ea khale kapa bukana leha e le efe e buang ka seo a se thahasellang.” Hobane’ng?
Libukana le limakasine tsa khale li na le lihlooho tse sa tšoaneng tse sa ntseng li le molemo. E ka ’na eaba ka har’a e ’ngoe ea lingoliloeng tseo ho na le ntho e ka amang pelo ea mong’a ntlo. Ka lebaka leo, ha u kenya lingoliloeng ka mokotlaneng oa hao oa tšimo, u kenye le libukana tse ngata tse sa tšoaneng le limakasine tsa khale. Haeba ha u na limakasine tsa khale, mohlomong u ka li fumana lefapheng la limakasine. Joale, haeba mong’a ntlo a se a e-na le buka ea Seo Bibele e se Rutang ’me a sa lumele ha u kōpa ho ithuta Bibele le eena, u ka mo bontša limakasine kapa libukana tseo u nang le tsona ’me u mo kōpe hore a nke tseo a li thahasellang. Ka mor’a moo, etsa litokisetso tsa ho khutlela e le hore u tsose thahasello ea hae. Mohlomong o tla qetella a ithuta Bibele.