Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/12 leq. 3
  • The Wonders of Creation Reveal God’s Glory

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • The Wonders of Creation Reveal God’s Glory
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ithute ka Jehova Linthong Tseo a li Bopileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Na u Lemoha Makhabane a Molimo?
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2019
  • Sebelisa Lintho Tseo Jehova a li Bopileng ho Ruta Bana ba Hao ka Eena
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Popo e re Bontša Lerato la Molimo
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2021
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
km 3/12 leq. 3

The Wonders of Creation Reveal God’s Glory

Batho ba bangata ba thabela ho boha pōpo. Empa ke ba ’maloa ba hlokomelang hore ha ba ntse ba shebile pōpo, e ba senolela ho hongata mabapi le kamoo ’Mōpi oa rōna e Moholo a nahanang a bileng a ikutloang kateng. (Bar. 1:20) Khale koana, Davida o ile a ithuta ka Jehova Lentsoeng la Hae le bululetsoeng. Empa ntle ho moo, o ile a boela a mo “bona” ’me a atamela ho Eena ha a talima pōpo. (Pes. 8:3, 4) Video e nang le sehlooho se reng, The Wonders of Creation Reveal God’s Glory e thusa rōna, bana ba rōna le liithuti tsa rōna tsa Bibele hore re shebisise likarolo tse ling tsa pōpo ea Jehova, re bone litšobotsi le botho ba ’Mōpi oa rōna e Moholo ’me re atamele haufi le eena. Ka mor’a hore u shebelle video eo, ak’u leke ho araba lipotso tse latelang:

(1) Boholo ba bokahohle le kamoo bo hlophisitsoeng kateng li matlafatsa tsela eo u ananelang Jehova ka eona joang? (Esa. 40:26) (2) Ha re shebisisa metsi, re ka ithuta eng ka Ea a entseng? (Tše. 14:7) (3) Boholo boo lefatše le leng bona le sebaka se pakeng tsa lona le letsatsi li bontša joang hore Jehova o bohlale? (4) Khoeli e phetha morero ofe? (Pes. 89:37) (5) Jehova o entse batho joang e le hore ba thabele bophelo? (6) DNA ke’ng? (Pes. 139:16) (7) Batho ba fapane joang le lintho tsohle tseo Jehova a li bōpileng? (Gen. 1:26) (8) Ke’ng eo u e lebeletseng ka tjantjello lefatšeng le lecha?

Likarolo Tse Ling: (9) Mebala e tsoa hokae? (10) Ho tla joang hore metsi a hlōle matla a khoheli e le hore a fihle tsullung ea lifate? (11) Metsi a phetha karolo efe ’meleng ea rōna? (12) Fana ka mehlala e bontšang kutloano e teng pakeng tsa lintho tse phelang. (13) Lintho tse bōpiloeng li khona ho sebelisana le tse ling joang? (14) “Ho sekama ho ikhethang,” kapa “golden angle” ke’ng, hona ho bonahala joang pōpong?

‘Talima Pōpo ea Jehova ka Hloko’: Jesu o ile a re khothalletsa hore re ‘talime linonyana tsa leholimo ka hloko’ ’me re ‘ithute ho likhahla tsa naha.’ (Mat. 6:26, 28) Ha re etsa joalo, re ka matlafatsa tumelo ea rōna, ra tšepa ’Mōpi ’me ra ananela bohlale ba Jehova, matla a hae a ho pholosa le lerato la hae. Ho e-na le hore u khelosoe ke mesebetsi ea lefatše lena ho sa hlokahale, iphe nako u be u etse boiteko ba ho talima limakatso tsa pōpo ea Jehova ’me u nahanisise ka seo e re bolellang sona ka Molimo oa rōna.—Pes. 19:1.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela